DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Pefelo

  • Ha le halefile le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le dikella le ntse le halefile. Le se ke la fa Diabolosi monyetla.
  • Lerato le na le mamello, lerato le mosa; ha le na mohono, ha le na boikakaso, ha le na boikgohomoso, ha le na mekgwa e mebe, ha le ikgopolele, ha le halefe, ha le na disuwa.
  • O se ke wa jara ngwaneno ka pelo. O kgalemele mohaeno, esere wa itjarisa sebe ka baka la hae. O se ke wa iphetetsa, kapa wa ntshetsa disuwa baneng ba setjhaba sa heno, empa o rate wa heno jwalokaha o ithata. Ke nna Morena.
  • Lehloyo le fehla moferefere,
    athe lerato lona
    le iphapanyetsa diphoso tsohle.
  • Bana beso ba ratehang, tsebang hona: Motho ka mong eka kgona a utlwe kapele, empa a se ke a potlakela ho bua le ho halefa.
  • Ya arabang ka boikokobetso
    o tima kgalefo,
    empa polelo e kgahlapetsang
    e baka bohale.
  • Ya diehang ho halefa
    o na le kutlwisiso,
    athe sefelapelwana
    se bontsha bothoto.
  • A re: “Se tswang ka ho motho ke sona se mo silafatsang, hobane ke kahare, dipelong tsa batho, moo ho tswang mehopolo e mebe: bohlola, boshodu, dipolao, le bofebe, meharo, bokgopo, thetso, mekgwa e hlabisang dihlong, mona, ketseletso, boikgantsho, le bothoto. Dintho tsena tsohle tse mpe di tswa kahare, mme di silafatsa motho.”
  • Sethoto se hlatsa kgalefo ya sona,
    empa ya bohlale yena o a e bipa.
  • Sethoto se sitwa ho itshwara
    ha se halefa,
    empa ya bohlale
    o iphapanyetsa dikgopiso.
  • Dikgang di hlahiswa ke boikakaso,
    bohlale bo fumanwa
    ho ba mamelang dikeletso.
  • Ke tlotla ho kgaohana le diqabang,
    sethoto sona ke maratahelele!
  • Bana beso, hlokomelang, esere mohlomong e mong wa lona a ba le pelo e mpe, e hanang ho dumela, e mo arohanyang le Modimo ya phelang.
  • “Kgutla, wena Iseraele
    wa mokwenehi,”
    ho rialo Morena.
    “Ha nka ke ka hlola
    ke o sosobanyetsa sefahleho,
    hobane ke mohau,”
    ho rialo Morena.
    “Ha ke na ho o halefela
    kamehla yohle.”
  • Jwale mesebetsi ya botho e totobetse: Ke bohlola, diketso tse ditshila, tse manyala, tshebeletso ya medimo ya bohata, boloi, bora, diqabang, mohono, kgalefo, dikgang, diphapang, dikgaohano, mona, botahwa, bonyollo, le tse ding tse jwalo. Jwalokaha nkile ka le bolella e sa le pele, ke sa boela ke le bolella hape hore ba etsang tse jwalo e ke ke ya eba majalefa a Mmuso wa Modimo.

Temana ya Bibele ya lehono

Ha ba se ba jele, a etsa jwalo le ka senwelo, a re: “Senwelo sena ke selekane se setjha se tiisitsweng ka madi a ka, a tshollelwang lona.”

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Tsohle di tswa ho Modimo, di teng ka yena, mme ke tsa hae. Tlotla e ke e iswe ho yena kamehla le mehla. A ho be jwalo!Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela