DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Bana

  • Jesu a re: “Lesang bana ba tle ho nna. Le se ke la ba thibela ho tla ho nna, hobane Mmuso wa mahodimo ke wa ba jwaloka bona.”
  • Mantswe ana ao ke o laelang wona hona kajeno a be ka pelong ya hao. O a rute bana ba hao ka hloko, o bue ka wona ha o dutse ka tlung ya hao, leha o tsamaya tseleng, leha o paqame, leha o tsoha.
  • Ruta ngwana tsela ya ho phela,
    ha a hodile a ke ke be a fapoha.
  • “Na mosadi a ka lebala lesea
    leo a le anyesang,
    a se ka hauhela ngwana
    wa popelo ya hae?
    Leha yena a ka lebala,
    nna ha nka ke ka o lebala!”
    Bona! ke ngotse bitso la hao
    kahara diatla tsa ka,
    marako a hao
    ke ntse ke a bona kamehla.
  • Kgalemelo e nngwe le e nngwe ha e etswa ha e thabise, e bohloko, empa hamorao bao e ba thapisitseng, e ba tlisetsa ditholwana tsa kgotso, tsa ho loka.
  • Ditloholwana ke mofapahlooho,
    mofapahlooho a boraputswe,
    bana ba ithaba
    ka batswadi ba bona.
  • Le lona bo-ntata bana, le se ke la kgentsha bana ba lona, empa le ba hodisetse Morena ka ho ba kgalemela le ho ba ruta hantle.
  • Etsisang Modimo, kaha le le bana ba hae ba ratehang.
  • Bana ba ka, itlhokomeleng medimong ya bohata.
  • Ha ho ntho e nthabisang ho feta ho utlwa hore bana ba ka ba tsamaya nneteng.
  • Ho lehlohonolo ba bopang kgotso,
    hobane ba tla bitswa
    bana ba Modimo.
  • Ba re: “Dumela ho Morena Jesu, mme wena le ba lelapa la hao le tla pholoswa.”
  • Bohle le bana ba Modimo ka ho dumela ho Kreste Jesu, hobane lona bohle ba kolobeleditsweng ho Kreste le apere Kreste.
  • Sethoto se nyedisa
    thuto ya ntata sona,
    athe ya ratang kgalemo
    yena o a hlalefa.
  • Bohle ba tsamaiswang ke Moya wa Modimo ke bana ba Modimo.
  • Bonang, Ntate o re ratile hakaakang, hore re be re bitswe bana ba Modimo, mme re fela re le bona. Ke ka lebaka lena lefatshe le sa re tsebeng, hobane ha le a ka la tseba Modimo.
  • Haeba motho a sa baballe ba habo, haholoholo ba phelang lapeng la hae, o lahlile tumelo, mme o mobe le ho feta eo e seng modumedi.
  • Empa bohle ba le amohetseng, e leng ba dumelang ho lona, le ba neile tokelo ya ho fetoha bana ba Modimo.
  • Oho, e se eka dipelo tsa sona di ka ba tjena kamehla, sa ntshaba, sa boloka melao yohle ya ka, e le hore sona, le bana ba sona, se tle se atlehe kamehla yohle!
  • Le tla boloka melao ya hae le ditaelo tsa hae, tseo ke le laelang tsona kajeno, e le hore lona, le bana ba lona, le tle le atlehe, mme le phele halelele naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, hore e be ya lona kamehla yohle.
  • Ka sebele sa wona, Moya wa Modimo o pakelana le meya ya rona hore re bana ba Modimo.
  • Baratuwa, jwale re se re le bana ba Modimo, empa seo re tlang ho ba sona ha se eso bonahatswe. Feela re a tseba hore, mohla Kreste a iponahatsang, re tla tshwana le yena, hobane re tla mmona kamoo a leng kateng. Mang le mang ya nang le tshepo ena ho yena, o a itlhwekisa, jwalokaha le yena a hlwekile.
  • Dihlodilweng tsohle di lebeletse ka tlholohelo e kgolo ho bonahatswa ha bana ba Modimo.
  • Moya oo le o amohetseng hase moya wa bokgoba o boelang o le tshabisa, empa ke moya o le etsang bana ba Modimo, oo re howang ka wona, re re: “Abba!” ke ho re: “Ntate!”
  • Pele le ne le le lefifing, empa kajeno le leseding, hobane le ba Morena. Phelang jwaloka bana ba lesedi.

Temana ya Bibele ya lehono

Ratanang jwaloka bana ba motho, le hlodisane ha le hlomphana.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Ipiletse ho nna, mme ke tla o araba, ke o bolelle dintho tse kgolo, tse matla, tseo wena o sa di tsebeng.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela