DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Medimo e šele

  • Bana ba ka, itlhokomeleng medimong ya bohata.
  • Le se ke la ba le medimo e meng kantle ho nna; le se ke la iketsetsa medimo ya silefera, kapa medimo ya kgauta.
  • Kapa na ha le tsebe hore ba kgopo ba ke ke ba eja lefa la Mmuso wa Modimo? Le se ke la ithetsa: dihlola, le basebeletsi ba medimo ya bohata, le difebe, le ba janang maotwana, le mashodu, le ditlofa, le matahwa, le ba ditlhapa, le dinokwane, ba ke ke ba eja lefa la Mmuso wa Modimo.
  • Le latele Morena Modimo wa lona, le mo tshabe, le boloke melao ya hae, le mamele lentswe la hae, le mo sebeletse, le mo kgomarele.
  • Meetlo ya baditjhaba ke ya lefeela,
    baditjhaba ba rema sefate morung,
    ebe sebetli ka selepe se a se betla.
    Ba se kgabisa ka silefera
    le ka kgauta,
    ba se kgokgothele ka noto
    le ka dipekere,
    hore se se ke sa sisinyeha.
    Medingwana ena e ka setshosa,
    e ka setshosa se hlonngwe
    tshimong ya mahapu,
    empa ha e le ho bua hona
    ha e ho tsebe;
    eka kgona ba e jare,
    hobane ha e tsebe ho tsamaya.
    Lona le se e tshabe,
    e ke ke ya le ntsha kotsi,
    ho etsa molemo le hona
    ha e ho tsebe.
  • Ka baka leo he, ho tloha ka letsatsi lena tsebang, mme le se ke la lebala hore Morena ke yena Modimo ya hodimo, lehodimong, le ya lefatsheng, katlase ho lefatshe. Ha ho na Modimo e mong.
  • Le se ke la ikamahanya le mesebetsi e nyopang ya lefifi, le mpe le e nyatse.
    Tseo ba di etsang sephiring, le ho di bolela ho dihlong.
  • Ha ho le jwalo, bolayang ditakatso tsa lona tsa lefatshe, e leng bohlola, tse ditshila, ditakatso tse mpe, tsa bokgopo, le meharo, hobane meharo ke ho sebeletsa modimo wa bohata.
  • Empa Morena o re:
    “Ke nna Morena Modimo wa hao,
    ho tloha ha o le naheng,
    naheng ya Egepeta.
    Ha o a ka wa ba le Modimo e mong
    kantle ho nna,
    hobane ha ho Mopholosi e mong
    kantle ho nna.”
  • Haeba le bona hore ke ntho e mpe ho sebeletsa Morena, ikgetheleng hona kajeno hore na le tla sebeletsa mang: E ka ba medimo eo bo-ntata lona ba neng ba e sebeletsa ha ba le mose wane ho Noka, kapa medimo ya Baamore, bao le ahileng naheng ya bona. Empa ha e le nna le ba lelapa la ka re tla sebeletsa Morena.
  • “Ha ho na sebetsa se tla o bolaya,
    bohle ba o qosang
    o tla ba hlola ka nyewe.
    Lena ke lona lefa
    la bahlanka ba Morena,
    ke ho loka hoo ke ba neang hona,”
    ho rialo Morena.
  • Hlomelang ka dihlomo tsohle tsa Modimo, hore le tle le tsebe ho qhela maraba a Diabolosi.
  • Mohlodi wa bokgopo bohle ke ho rata tjhelete; ka ho e tjhatjhehela, ba bang ba kgelohile tumelo, ba ikapesa ka maswabi a mangata.
  • O se ke wa hlolwa ke bobe, o mpe o hlole bobe ka botle.
  • Motsu wa lefu ke sebe, mme matla a sebe ke Molao.
  • Ha ke rapele hore o ba tlose lefatsheng, empa e le hore o ba sireletse ho E Mobe.
  • Furalla bobe, o etse botle;
    batla kgotso, o e pheelle.
  • Joshua a re: “Ha ho le jwalo, furallang medimo esele, e teng hara lona, mme le lebise dipelo tsa lona ho Morena Modimo wa Iseraele.”
  • Bona ba fetotse nnete ya Modimo leshano, ba kgumamela sebopuwa, ba se sebeletsa ho ena le Mmopi ya bokwang kamehla yohle! A ho be jwalo! Ka baka leo, Modimo o ba tloheletse ho phetha ditakatso tse matla, tse hlabisang dihlong. Le basadi ba bona ba sebedisa bosadi ba bona ka mokgwa o hananang le tlholeho. Ka mokgwa o jwalo, le banna ba tlohetse ho kopanela dikobo le basadi ka mokgwa o dumellanang le tlholeho, empa ba lakatsana ka bobona; ba etsa tse hlabisang dihlong le banna ba bang, mme ba fumana kotlo e tshwanelang ho kgeloha hoo ha bona. Kaha ba ne ba sa bone ho hlokeha hore ba amohele Modimo eo ba mo tsebileng, Modimo o ba tloheletse ba ntse ba tsherehane dikelello, e le hore ba etse tse sa tshwanelehang.
  • Ba bang ba tshepile kariki tsa ntwa,
    ba bang ba tshepile dipere,
    empa rona re tshepile
    lebitso la Morena,
    lebitso la Morena Modimo wa rona.
  • Jwale mesebetsi ya botho e totobetse: Ke bohlola, diketso tse ditshila, tse manyala, tshebeletso ya medimo ya bohata, boloi, bora, diqabang, mohono, kgalefo, dikgang, diphapang, dikgaohano, mona, botahwa, bonyollo, le tse ding tse jwalo. Jwalokaha nkile ka le bolella e sa le pele, ke sa boela ke le bolella hape hore ba etsang tse jwalo e ke ke ya eba majalefa a Mmuso wa Modimo.

Temana ya Bibele ya lehono

Ke ipiletsa ho wena Morena,
ke le tlasetlase.
Morena, ako utlwe lentswe la ka!
Tsebe tsa hao di ke di mamele
ha ke etsa thapedi ya ka.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Ntlhahlobe, Modimo,
o tsebe pelo ya ka;
o nnonye maikutlo,
o tsebe mehopolo ya ka;
o bone hore na ke tseleng e mpe,
o ntsamaise tseleng
ya kamehla yohle.
Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela