Litemana tsa Bibele tse buang ka bofelo ba nako
- Bona, ke tla tla kapele, ke tlise moputso ho o nea motho ka mong ho ya kamoo a sebeditseng kateng.
- A re hlokomelaneng, mme re kgothaletsaneng leratong le mesebetsing e metle. Re se ke ra furalla diphutheho tsa rona, jwalokaha ba bang ba tlwaetse. Empa re kgothatsane, haholoholo kaha le a bona hore Letsatsi la Morena le ntse le atamela.
- Ho se be ya le thetsang ka tsela efe kapa efe. Pele ho Letsatsi leo ho tla ba le bokwenehi, mme ho senolwe Ya Kgopo, ya tlamehileng ho timela. Yena o tla lwantsha, a iphahamisetse tsohle tse bitswang Modimo, tse kgumamelwang ke batho, hoo yena a tlang ho itulela ka Tempeleng ya Modimo, a iketse Modimo.
- Ya pakang tsena o re: “E, ke tla tla kapele.”
A ho be jwalo! Tloo, Morena Jesu. - Morena ha a diehe ho phethahatsa ditshepiso tsa hae, jwalokaha ba bang ba lekanya hore o a dieha. Empa o a le mamella, hobane ha a rate ha ho ka timela leha a le mong, empa o rata hore bohle ba bake.
- Ha ho le jwalo, re se ke ra robala jwaloka ba bang bohle, re mpe re fadimehe, mme re be le boitshwaro.
- Mohla ho hlahang taelo, ka lentswe la lengeloileholo, ka terompeta ya Modimo, Morena ka sebele o tla theoha lehodimong, mme ba shwetseng ho Kreste ba tla tsoha pele. Jwale rona ba tla beng ba ntse ba phela re tla nkelwa marung hammoho le bona, ho ya kgahlanyetsa Morena sebakeng, mme ka mokgwa o jwalo re tla ba le Morena kamehla.
- Empa ya tla tiisetsa ho fihlela qetellong, yena o tla pholoswa.
- Ba bangata ba tla hlwekiswa, ba ntlafatswe, ba lekwe. Ba kgopo bona ba tla nne ba etse bokgopo. Ha ho le ya mong wa ba kgopo ya tla utlwisisa, empa ba bohlale bona ba tla utlwisisa.
- Ba itse ho lona: “Mehleng ya bofelo ho tla tla basomi ba laolwang ke ditakatso tsa bona tse kgopo.” Batho bana ba baka dikarohano; ke ba lefatshe, ba se nang Moya wa Modimo.
- Ka hona fadimehang, hobane ha le tsebe letsatsi leo Morena wa lona a tla tla ka lona.
- Feela, baratuwa, ntho eo le sa tshwanelang ho e lebala ke ena: Ho Morena letsatsi le le leng le jwaloka dilemo tse sekete, mme le dilemo tse sekete di jwaloka letsatsi le le leng.
- Ka baka leo, le lona itokiseng, hobane Mora Motho o tla tla ka nako eo le sa e lebellang.
- Jwale he, bana ba ka, phelang ka ho Kreste, e le hore mohla a iponahatsang re tle re be sebete, re se ke ra ba dihlong, ra honyela, ha a se a le teng.
- Qetello ya dintho tsohle e atametse. Ebang le boitshwaro, mme le fadimehele ho rapela.
- Lehodimo le lefatshe di tla fela, empa mantswe a ka a ke ke a fela.
- “Bao e tla ba ba ka,” ho rialo Morena wa mabotho, “e be ba ka mohla letsatsi leo ke le kgethileng. Ke tla ba baballa jwalokaha ntata a baballa mora wa hae ya mo sebeletsang.”
- Ka baka leo, haeba ba re ho lona: ‘Bonang, o teng feelleng!’ le se ke la ya teng; kapa: ‘Bonang, o phaposing!’ le se ke la ba la dumela, hobane jwalokaha lehadima le tsekema ho tloha botjhabela le be le yo fihla bophirimela, le ho tla ha Mora Motho ho tla ba jwalo.
- Molaetsa ona o molemo wa Mmuso o tla phatlalatswa lefatsheng lohle, e le bopaki ho ditjhaba tsohle, mme ebe jwale ho tla bofelo.
Dihlogotaba tša go tswalana
Go boya la bobedi
Ka baka leo, le...
Phološo
Ha ho e mong...
Bopelotelele
Ya diehang ho halefa...
Jesu
Jesu a ba tadima...
Moputso
Sohle seo le se...
Kereke
A re hlokomelaneng, mme...
Temana ya Bibele ya lehono
Tsela tsa Modimo di phethehile,tshepiso tsa Modimo ke tsa nnete,
yena ke thebe ya bohle
ba tshabelang ho yena.