DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Go boya la bobedi

  • Ka baka leo, le lona itokiseng, hobane Mora Motho o tla tla ka nako eo le sa e lebellang.
  • A re hlokomelaneng, mme re kgothaletsaneng leratong le mesebetsing e metle. Re se ke ra furalla diphutheho tsa rona, jwalokaha ba bang ba tlwaetse. Empa re kgothatsane, haholoholo kaha le a bona hore Letsatsi la Morena le ntse le atamela.
  • Ya pakang tsena o re: “E, ke tla tla kapele.”
    A ho be jwalo! Tloo, Morena Jesu.
  • Bona, ke tla tla kapele, ke tlise moputso ho o nea motho ka mong ho ya kamoo a sebeditseng kateng.
  • Ka hona fadimehang, hobane ha le tsebe letsatsi leo Morena wa lona a tla tla ka lona.
  • Qetello ya dintho tsohle e atametse. Ebang le boitshwaro, mme le fadimehele ho rapela.
  • Ke eo a etla a le hara maru,
    mme mahlo a bohle a tla mmona,
    esita le bona ba mo hlabileng,
    mme meloko yohle ya lefatshe
    e tla mo llela.
    E! A ho be jwalo!
  • Ke tla tla kapele. Kgomarela ho seo o nang le sona, e le hore ho tle ho se ba ye ka o amohang mofapahlooho wa hao.
  • “Ke nna Alfa le Omega,” ho rialo Morena Modimo, ya leng teng, ya bileng teng, ya tlang ho tla, ya matla wohle.
  • Yare ba sa ntse ba tadimile lehodimong ha a ntse a nyoloha, bonang, banna ba babedi, ba diaparo di tshweu, ba ema pela bona. Yaba ba re: “Banna ba Galelea, le emetseng le shebile lehodimong? Jesu enwa ya nyolletsweng lehodimong, a tloha hara lona, o tla boela a kgutla ka mokgwa oo le mmoneng a nyolohela lehodimong ka wona.”
  • Jwale he, bana ba ka, phelang ka ho Kreste, e le hore mohla a iponahatsang re tle re be sebete, re se ke ra ba dihlong, ra honyela, ha a se a le teng.
  • Hlokomelang baporofeta ba bohata, ba tlang ho lona ba ikgakantse eka ke dinku, empa kahare e le diphiri tse harolakang.
  • Feela, baratuwa, ntho eo le sa tshwanelang ho e lebala ke ena: Ho Morena letsatsi le le leng le jwaloka dilemo tse sekete, mme le dilemo tse sekete di jwaloka letsatsi le le leng.
  • Ke kgodisehile hore ya qadileng mosebetsi ona o motle hara lona o tla o ntshetsa pele ho fihlela Letsatsing la ho tla ha Kreste Jesu.
  • Le se ke la swabisa Moya o Halalelang wa Modimo, oo ka wona le tshwaetsweng letsatsi la topollo.
  • Ka baka leo, haeba ba re ho lona: ‘Bonang, o teng feelleng!’ le se ke la ya teng; kapa: ‘Bonang, o phaposing!’ le se ke la ba la dumela, hobane jwalokaha lehadima le tsekema ho tloha botjhabela le be le yo fihla bophirimela, le ho tla ha Mora Motho ho tla ba jwalo.

Temana ya Bibele ya lehono

Ka baka leo, a re atameleng ka sebete teroneng ya mohau, re tle re amohele lereko, re fumane le mohau ho re thusa ha re hloka thuso.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Modimo wa mehauhelo yohle, ya le bitseditseng tlotleng ya hae e sa feleng, ka Kreste, etlare hoba le hlokofatswe ka nakwana, yena ka sebele o tla le etsa ba phethehileng. O tla le tiisa, a le matlafatse, a etse hore le se ke la sisinyeha.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela