Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Thotogelo
- Yare hoba a bue tsena, a nyollelwa hodimo ba ntse ba mo shebile, mme leru la mo tlosa mahlong a bona.
- Jwale Jesu a ba isa kantle ho motse, a ya le bona ho ya fihla Bethania, a phahamisa matsoho, a ba hlohonolofatsa. Eitse ha a ntse a ba hlohonolofatsa, a tloha ho bona, a nyollelwa lehodimong.
- Yare ba sa ntse ba tadimile lehodimong ha a ntse a nyoloha, bonang, banna ba babedi, ba diaparo di tshweu, ba ema pela bona. Yaba ba re: “Banna ba Galelea, le emetseng le shebile lehodimong? Jesu enwa ya nyolletsweng lehodimong, a tloha hara lona, o tla boela a kgutla ka mokgwa oo le mmoneng a nyolohela lehodimong ka wona.”
- Yare hoba Morena Jesu a bue le barutuwa, a nkelwa lehodimong, a dula letsohong le letona la Modimo.
- Ke tswa ho Ntate, mme ke tlile lefatsheng; ke tloha lefatsheng hape, ke ya ho Ntate.
- Ka tlung ya Ntate ho na le meaho e mengata; hoja ha ho jwalo, nka be ke le boleletse, hobane ke ya ho le lokisetsa bodulo.
- Ha ho pelaelo, sephiri sa tumelo ya rona se seholo:
“Kreste o ile a hlaha e le motho,
a pakwa ke Moya hore o lokile,
mme a bonwa ke mangeloi.
A phatlalatswa hara baditjhaba,
a dumelwa ke lefatshe lohle,
mme a nkelwa tlotleng.” - Jesu a re ho yena: “O se ke wa ntshwara, hobane ha ke eso nyolohele ho Ntate, empa eya ho bana beso, mme o ba bolelle, o re: ‘Ke nyolohela ho Ntate, le Ntata lona, Modimo wa ka, le Modimo wa lona!’ ”
- Jwale ho tla ba jwang ha le bona Mora Motho a nyolohela moo a neng a le teng pele?
- Yaba Jesu o re: “Ke sa tla ba le lona nakwana, ebe ke ya ho ya nthomileng.”
- Kannetenete, ke a le bolella, ya dumelang ho nna, le yena o tla etsa mesebetsi eo ke e etsang, a etse le e fetang ena, hobane ke ya ho Ntate.
- O phahamisitswe ka letsoho le letona la Modimo, a amohela Moya o Halalelang jwalokaha Ntatae a ne a tshepisitse. A o theola kamoo le bonang, mme le utlwang kateng.
Dihlogotaba tša go tswalana
Jesu
Jesu a ba tadima...
Legodimo
Mohla ho hlahang taelo...
Ntate
Jwalokaha ntata bana a...
Mangeloi
Kapa o lekanya hore...
Lefase
Le se ke la...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Temana ya Bibele ya lehono
Le tla boloka melao ya hae le ditaelo tsa hae, tseo ke le laelang tsona kajeno, e le hore lona, le bana ba lona, le tle le atlehe, mme le phele halelele naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, hore e be ya lona kamehla yohle.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Morena o tla o sireletsa,a o sireletse bobeng bohle,
a baballe bophelo ba hao.
Morena o tla o lebela
ha o eya le ha o kgutla,
ho tloha jwale le kamehla yohle.Temana ya go latela!