Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Moputso
- Sohle seo le se etsang, le se etse ka dipelo tsohle tsa lona, jwaloka hoja le se etsetsa Morena, e seng batho. Tsebang hore Morena o tla le putsa ka ho le etsa majalefa a hae. Morena eo le mo sebeletsang ke Kreste.
- Modimo o tla putsa e mong le e mong ho ya ka diketso tsa hae.
- Ka baka leo, bana beso ba ratehang, le tiye, le se ke la thekesela, le nne le sebeletse Morena ka mesebetsi e mengatangata kamehla, le ntse le tseba hore mofufutso wa lona hase wa lefeela pela Morena.
- Re se kgathale ho etsa tse molemo, hobane re tla kotula ka nako e lokelang, haeba re sa tepelle.
- Monga hae a re ho yena: ‘Ke hantle, mohlanka ya kgabane, ya tshepahalang; o tshepahetse dinthong tse seng kae, ke tla o etsa modisa wa tse ngata. Kena, o thabe le monga hao!’
- Eba le lerato, o be le botshepehi,
molaleng wa hao o itlame ka tsona;
o di ngole tlapeng la pelo ya hao.
O tla ratwa ke Modimo le batho,
o iketsetse lebitso mahlong a bona. - Mpho e betlela mofani tsela,
e mmee kapele ho mahosi a hae. - Ho lehlohonolo motho ya mamellang teko, hobane ha a se a amohelehile, o tla fumana mofapahlooho wa bophelo, oo Morena a o tshepisitseng ba mo ratang.
- Empa jwalokaha ho ngotswe,
“Tseo leihlo le sa kang la di bona,
tsebe e sa kang ya di utlwa,
le kelello ya motho
e sa kang ya di lekanya,
ke tsona tseo Modimo
a di lokiseditseng ba mo ratang.” - Boikokobetso le ho tshaba Morena
di tlisa leruo le tlotla le bophelo. - Ha ho le jwalo, ha o etsetsa mafutsana thuso, o se ke wa ipolela, jwalokaha baikaketsi ba etsa matlung a thapelo le ditseleng tsa motse, hore ba tlotliswe ke batho; kannete ke a le bolella, ba se ba amohetse moputso wa bona.
- Le tsamaye ka tsela eo Morena Modimo wa lona, a le laetseng hore le tsamaye ka yona, e le hore le tle le phele, le atlehe, mme le phele halelele naheng eo e tla ba ya lona.
- Ke mathela pakaneng ho hapa moputso wa pitso ya Modimo, e tswang hodimo, ka Kreste Jesu.
- Fanang, mme le tla fuwa: mekotlaneng ya lona le tla tshellwa haholo, e hlohlwe, e hlokohlwe, e sasamale, hobane le tla lekanyetswa ka tekanyo eo le lekanyang ka yona.
- Kopang, le tla fuwa; batlang, le tla fumana; kokotang, le tla bulelwa.
- Haeba le etsa hantle ba le etsang hantle, le ka lokelwa ke teboho efe? Esita le baetsadibe ba etsa jwalo.
- Jwale kantle ho tumelo ha ho kamoo motho a ka kgahlisang Modimo kateng. Ya atamelang pela Modimo eka kgona a dumele hore Modimo o teng, le hore ke yena ya putsang ba mmatlang.
- Empa ha le le moo le tla batla Morena Modimo wa lona. Haeba le mmatla ka dipelo tsa lona tsohle, le ka moya wa lona wohle, le tla mo fumana.
- Ba bangata bao e leng ba pele e tla ba ba ho qetela, mme ba ho qetela e be ba pele.
- Motho ya kgopo
o amohela moputso wa bolotsana,
ya jalang ho loka
o kotula moputso wa nnete. - Empa wena ha o rapela, kena ka kamoreng ya hao, o kwale monyako, o rapele Ntatao ya leng teng le sephiring, mme Ntatao ya bonang le sephiring o tla o buseletsa.
- Bona, ke tla tla kapele, ke tlise moputso ho o nea motho ka mong ho ya kamoo a sebeditseng kateng.
- Jwale le ikokobetse katlasa letsoho le matla la Modimo, e le hore a tle a le phahamise ka nako e lokelang.
- Batlang tse molemo
e seng tse kgopo,
e le hore le tle le phele;
ke moo Morena
Modimo wa mabotho,
a tla ba le lona jwalokaha le bolela. - Ikokobetseng pela Morena, mme o tla le phahamisa.
Dihlogotaba tša go tswalana
Boloki
Ya thahasellang ho loka...
Boikokobetšo
Ka boikokobetso bohle, le...
Jesu
Jesu a ba tadima...
Mošomo
Sohle seo le se...
Boikobo
Jesu a mo araba...
Go fa
Motho ka mong a...