Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Tlhohleletšo
- Ke Morena ya tla o etella pele. O tla ba le wena; a ke ke a o lahla kapa a o furalla. O se ke wa tshaba kapa wa tsieleha.
- Empa ba tshepileng Morena
 ba tla tsoha molota,
 ba fofele hodimo jwaloka ntsu;
 ba tla matha,
 empa ba ke ke ba kgathala,
 ba tsamaye,
 ba se ke ba fellwa ke matla.
- Ka baka leo, le ke le tshedisane, mme le matlafatsane, jwalokaha le fela le etsa.
- Ha o tshela hara madiba
 ke tla ba le wena;
 ha o tshela dinoka
 ha di ka ke tsa o nka.
 Ha o tsamaya hara mollo
 ha o ka ke wa tjha,
 malakabe ha a ka ke a o tjhesa.
- Ke se ke o laetse: Tsoha molota, o be sebete! O se ke wa tshaba, kapa wa nyahama pelo, hobane Morena Modimo wa hao, o na le wena hohle moo o yang teng.
- Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, Ntata mehauhelo le Modimo wa matshediso wohle. O re tshedisa matshwenyehong wohle a rona, e le hore le rona re tle re tsebe ho tshedisa bohle ba matshwenyehong, ka matshediso ao le rona re tshediswang ka wona ke Modimo.
- Tloong ho nna, lona bohle ba kgathetseng, ba imetsweng, mme ke tla le kgatholla.
- Mahlo a ka a tadima dithabeng;
 ekaba thuso ya ka e tla tswa kae?
 Thuso ya ka e tswa ho Morena,
 ya entseng mahodimo le lefatshe.
- Ka baka leo, bana beso ba ratehang, le tiye, le se ke la thekesela, le nne le sebeletse Morena ka mesebetsi e mengatangata kamehla, le ntse le tseba hore mofufutso wa lona hase wa lefeela pela Morena.
- Ke tla o ruta, ke o bontshe tsela;
 ke tla o eletsa, ke o bee leihlo.
- Ebang sebete, le tiye dipelo,
 lona bohle ba tshepileng Morena.
- A re hlokomelaneng, mme re kgothaletsaneng leratong le mesebetsing e metle. Re se ke ra furalla diphutheho tsa rona, jwalokaha ba bang ba tlwaetse. Empa re kgothatsane, haholoholo kaha le a bona hore Letsatsi la Morena le ntse le atamela.
- Fadimehang, tiyang tumelong, emang senna, matlafalang.
- Ditaba tsena ke di buile ho lona hore le tle le fumane kgotso ho nna. Le tla ba le matshwenyeho lefatsheng, empa kgothalang, nna ke hlotse lefatshe.
- Mesebetsi yohle
 e na le moputso wa yona,
 empa ho berabera
 hona ho a futsanehisa.
- Ke le siela kgotso, ke le fa kgotso ya ka; ha ke le fe kamoo lefatshe le fanang kateng. Pelo tsa lona di se ferekane, leha e le ho ba boi.
- Leha nka tsamaya kgohlong e lefifi,
 nke ke ka tshaba bobe,
 hobane o na le nna,
 lere la hao le molamu wa hao
 di a nkgothatsa.
- Matshwenyeho a rona a bobebe, ke a motsotswana, a re tlisetsa tlotla e kgolohadi, e sa feleng.
- Kaha o bile ntho ya bohlokwa,
 o hlompheha mahlong a ka,
 hobane ke o rata,
 ke tla fana ka batho
 bakeng sa hao,
 ke fane ka ditjhaba
 bakeng sa bophelo ba hao.
- Jwale re tla reng ka ditaba tsee? Ha Modimo a eme le rona, ke mang ya ka re lwantshang?
- Jwale Modimo ya re fang mamello le matshediso a ke a le nee maikutlo a le mang ho ya ka thato ya Kreste Jesu.
- Morena Modimo wa rona
 a ke a be mosa ho rona,
 a atlehise mosebetsi
 wa matsoho a rona,
 e, a atlehise mosebetsi
 wa matsoho a rona.
- Ka baka leo, ha re tepelle. Leha botho ba rona ba nama bo senyeha, botho ba moya bona bo ntjhafala ka letsatsi le letsatsi.
- Ana dirobele tse hlano ha di rekiswe disente tse pedi na? Athe Modimo ha a lebale le se seng sa tsona. Esita le diqoba tsa moriri wa hlooho tsa lona di badilwe kaofela. Le se ke la tshaba! Le ba bohlokwa ho feta dirobele tse ngata.
- E mong le e mong wa rona a kgahlise wa habo ka tse isang botleng, ho mo matlafatsa tumelong.
Dihlogotaba tša go tswalana
Sebete
Ke Morena ya tla...
Letšhogo
O se ke wa...
Mohomotši
Ho bokwe Modimo, Ntata...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Maatla
O se ke wa...
Tlaišego
Modimo wa mehauhelo yohle...
Temana ya Bibele ya lehono
Bo kahodimo ho tsohle,iphumanele bona,
ka tsohle tseo o nang le tsona,
o bo reke, o iphumanele kutlwisiso.
