DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Tlhohleletšo (2/2)

  • Ha thahasello e le teng, ho amohelwa seo motho a nang le sona, e seng seo a se nang sona.
  • Ke entse jwalo hore dipelo tsa bona di tshedisehe, di kopane mmoho ka lerato, ba tle ba rue tsebo e tletseng, e tlisang kutlwisiso ya sephiri sa Modimo, e leng Kreste.
  • Ha ba ka ke ba hlola ba lapa
    kapa ba nyorwa;
    ha ba sa tla tjheswa ke letsatsi,
    kapa lebatama lefe kapa lefe,
    hobane Konyana
    e bohareng ba terone
    e tla ba disa,
    e ba ise didibeng
    tsa metsi a bophelo.
    Modimo o tla hlakola
    meokgo yohle mahlong a bona.
  • Nna, nna ke inotshi,
    ke nna ya le tshedisang.
    O mang wena o tshabang batho,
    dibopuwa tse shwang?
    O tshabang batho
    ba itshwanelang le jwang feela?
  • Jwalokaha mahloko a Kreste a re aparetse, ka mokgwa o jwalo le wona matshediso a re ngatafaletse ka Kreste.
  • Ke hlolohetswe ho le bona, hore ke le abele neo e nngwe ya Moya, le tle le matlafatswe. Hona ke ho re, ha ke le ho lona, re kgothatsane ka tumelo ya rona bohle, nna ka tumelo ya lona, le lona ka ya ka.
  • Tsohle tse ngotsweng kgale di ngoletswe ho re ruta, hore ka ho mamella le ho tshediswa ho fumanwang Mangolong, re tle re be le tshepo.

Temana ya Bibele ya lehono

Hlokomelang baporofeta ba bohata, ba tlang ho lona ba ikgakantse eka ke dinku, empa kahare e le diphiri tse harolakang.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Boka Morena, wena moya wa ka;
botho bohle ba ka
bo boke bitso la hae le halalelang.
Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela