Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Segwera
- Motswalle o na le lerato kamehla,
 ngwanabo motho
 o tswaletswe ho thusa,
 ho thusa mohla tsatsi la ditsietsi.
- Metswalle mmotwana
 e isa motho timelong,
 wa sebele yena o tshepahala
 ho feta ngwanabo motho.
- Ha ho ya nang le lerato le fetang lena, la hore motho a telle metswalle ya hae bophelo ba hae.
- Ha e mong a ewa,
 e mong o a mo tsosa;
 ho madimabe ya wang
 ho se na mothusi!
- Bonang, ho hotle,
 ho monate hakaakang,
 ha bana ba motho
 ba phedisana ka kgotso!
- Ya lalang diphoso ka mmele
 o qeka ho ratwa,
 athe ya di pepesang
 yena o senya setswalle.
- Baratuwa, a re rataneng, hobane lerato le tswa ho Modimo. Mang le mang ya nang le lerato o tswetswe ke Modimo, mme o tseba Modimo.
- Ntjapedi ha e hlolwe ke sebata,
 thapo e kgwele di tharo
 e dieha ho kgaoha.
- Tshepe e leotswa
 ka tshepe e nngwe,
 monna o tentshwa tshea
 ke banna ba bang.
- Motho ya kgopo o duka kgotso,
 mosebi yena o qabanya metswalle,
 metswalle ya hlooho ya kgomo.
- Ba babedi ba feta ya mong,
 moputso wa bona o a hlamatseha.
- Ya nyahameng pelo
 eka kgona a hauhelwe, ke metswalle,
 leha eba a sa tshabe Ya Matla wohle.
- Taelo eo Kreste a re neileng yona ke ena: Ya ratang Modimo, eka kgona a rate le ngwanabo.
- Le se ke la ithetsa.
 “Ditlwaelano tse mpe
 di senya mekgwa e metle.”
- Se furalle motswalle wa hao
 kapa wa ntatao,
 ha o le bothateng,
 se itlwaetse ho ya ha ngwaneno;
 motswalle ya haufi o na le thuso,
 ho feta ngwaneno ya hole.
- Ke hlolohetswe ho le bona, hore ke le abele neo e nngwe ya Moya, le tle le matlafatswe. Hona ke ho re, ha ke le ho lona, re kgothatsane ka tumelo ya rona bohle, nna ka tumelo ya lona, le lona ka ya ka.
- Lona bakwenehi, na ha le tsebe hore ho etsa setswalle le lefatshe ke bora ho Modimo? Mang le mang ya ratang ho ba motswalle wa lefatshe o iketsa sera sa Modimo.
- Ba se nang moneketsela,
 Modimo o ba fa bodulo,
 o boela o busetsa
 batshwaruwa boiketlong,
 athe bahanyetsi
 ba sala mahalaopeng.
Dihlogotaba tša go tswalana
Ditswalano
Ntjapedi ha e hlolwe...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Moagišane
Ya bobedi ke ena...
Lerato
Lerato le na le...
Maatla
O se ke wa...
Sehlabelo
Ha ho ya nang...
Temana ya Bibele ya lehono
Bo kahodimo ho tsohle,iphumanele bona,
ka tsohle tseo o nang le tsona,
o bo reke, o iphumanele kutlwisiso.
Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Modimo ke setshabelo sa ronale matla a rona;
ke thuso e teng kamehla,
thuso matshwenyehong.Temana ya go latela!
