DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Go sekama

  • Morena o hloile motho
    ya buang leshano,
    empa ya buang nnete
    yena o a mo thabisa.
  • Ya ratang ho phela,
    le ho bona matsatsi a thabo,
    a tshware leleme la hae
    ho bua tse mpe,
    le molomo wa hae
    ho bua thetso.
    A furalle bobe, a etse botle,
    a batle kgotso, a e pheelle.
  • Morena, ako nnamolele
    molomong wa ya leshano,
    le lelemeng la ya thetsang.
  • Ke ya metsamao e se nang kodi,
    ya etsang tse lokileng;
    ya buang nnete
    e tswang pelong ya hae,
    ya sa etseletseng ka leleme la hae,
    ya sa etseng mohahabo hampe,
    ya sa tlameletseng wa habo.
  • Tshwara leleme la hao
    le se bue tse mpe,
    le molomo wa hao
    o se bue leshano.
  • A re: “Se tswang ka ho motho ke sona se mo silafatsang, hobane ke kahare, dipelong tsa batho, moo ho tswang mehopolo e mebe: bohlola, boshodu, dipolao, le bofebe, meharo, bokgopo, thetso, mekgwa e hlabisang dihlong, mona, ketseletso, boikgantsho, le bothoto. Dintho tsena tsohle tse mpe di tswa kahare, mme di silafatsa motho.”
  • Le se ke la bolellana mashano, hobane le hlobotse botho ba lona ba kgale le mesebetsi ya bona. Le apere botho bo botjha bo ntjhafatswang hore bo tshwane le Mmopi, le tle le be le tsebo ya nnete.
  • Haeba re re re phedisana le yena, empa re phela lefifing, re leshano, mme ha re phethe tsa nnete.
  • Ya patang lehloyo ke mothetsi,
    ya sebang ba bang, yena ke sethoto.
  • Motho wa nnete
    o tsamaya a sireletsehile,
    ya se nang nnete, yena o tla senolwa.
  • Motho ya kgopo o duka kgotso,
    mosebi yena o qabanya metswalle,
    metswalle ya hlooho ya kgomo.
  • Paki e tshepahalang
    ha e ke e thetsa,
    empa ya bohata
    yona e bua leshano.
  • O se ke wa bolaya; o se ke wa feba; o se ke wa utswa; o se ke wa etseletsa motho e mong; hlompha ntatao le mmao, mme o rate wa heno jwalokaha o ithata.
  • Le tswa ho ntata lona, Diabolosi, mme le rata ho phetha ditakatso tsa ntata lona. Yena e bile mmolai ho tloha tshimolohong, mme ha a a ka a ema nneteng, hobane ha ho nnete ka ho yena. Ha a bua leshano, o bua tseo e leng tsa hae, kahobane o leshano, ke raleshano.
  • Suthisetsa bolotsana le mashano
    hole le nna,
    o se ke wa nthuisa
    kapa wa mphutsanehisa,
    o mphepe ka dijo tse ntekaneng.
  • Le lehlohonolo ha le hlapaolwa, le hloriswa, le etseletswa ka mekgwa yohle ka baka la ka.
  • Ho tshaba Morena
    ke ho hloya bobe,
    ke hloile boikgohomoso,
    ke hloile le boikakaso,
    boitshwaro bo bobe le leshano
    le tsona ke di hloile.
  • Yaba Petrose o re: “Ananiase, ke ka baka lang Satane a keneng pelong ya hao hore o thetse Moya o Halalelang, mme o itshiele karolo ya tjhelete ya thekiso ya tshimo? Ha e eso rekiswe, na e ne e se ya hao na? Ha e se e rekisitswe, na tjhelete e ne e se matleng a hao na? Ke ka baka lang o ileng wa rera ka pelong ya hao ho etsa ketso ee? Ha o a thetsa batho, empa o thetsitse Modimo.”
  • Leme le thabisang
    ke fate sa bophelo,
    empa le thetsang
    le senya pelo ya motho.
  • Se bue leshano ka molomo wa hao,
    puo tse thetsang
    di se tswe ka hanong la hao.
  • Sethoto ha se lokelwe
    ke puo tsa bokgeleke,
    puo ya leshano ha e lokele kgosana.
  • Ya lokileng
    o bua puo tse thabisang,
    athe ya kgopo
    o tseba ho sokamisa ditaba.
  • Ya ratang ditshebo
    o hlahatsa makunutu,
    ya tshepahalang yena o na le sefuba.
  • Modimo hase motho
    hoo a ka buang leshano,
    hase mora wa motho
    hoo a ka inyatsang.
    Na seo a se bolelang
    a ke ke a se etsa?
    Na seo a se buileng
    a ke ke a se phetha?
  • Feela ho ke ho tsejwe hore molao ha o a etsetswa ba lokileng, empa o etseditswe ba sa lokang le ditlokotsebe, ba kgopo le baetsadibe, ba sa halaleleng le ba sebeletsang lefatshe, ba bolayang bo-ntata bona le bo-mma bona, ba bolayang batho, dihlola, ba janang maotwana, ba rekisang makgoba, ba leshano, ba ikanang ka leshano, le bohle ba etsang eng kapa eng e fapaneng le thuto ya nnete. Thuto ena ke e dumellanang le molaetsa o molemo oo ke o tshepetsweng, o tswang ho Modimo ya tlotlehang, ya lehlohonolo.

Temana ya Bibele ya lehono

Ha ho e mong ya pholosang ntle ho yena, hobane ha ho na lebitso le leng lesele tlasa letsatsi, le neilweng batho, leo re tshwanelang ho pholoswa ka lona.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Hodima tsena tsohle, ebang le lerato, e leng lona le tlamahanyang tsohle hore di phethehe.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela