DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Boikgokgomošo

  • Boikakaso bo etella dihlong pele,
    boikokobetso bona
    bo tsamaya le bohlale.
  • Ho tshaba Morena
    ke ho hloya bobe,
    ke hloile boikgohomoso,
    ke hloile le boikakaso,
    boitshwaro bo bobe le leshano
    le tsona ke di hloile.
  • Utlwanang ka ho tlala, le se ke la ikakasa, empa le be metswalle ya ba eisehang. Le se ke la ipona bohlale.
  • Boikakaso ba motho bo a mo diha,
    empa boikokobetso
    bo mo tlisetsa hlompho.
  • Empa ya ithorisang a ke a ithorise ka Morena, hobane ya amohelehang hase ya ikemelang, empa ke ya emelwang ke Morena.
  • Empa Morena a re ho Samuele: “O se ke wa tadima sebopeho sa hae, kapa bophahamo ba seemo sa hae, hobane ha ke mo amohele. Morena ha a tadime jwalokaha motho a tadima. Motho o tadima sebopeho se kantle, athe Morena yena o tadima pelo.”
  • Boikakaso bo etella timelo pele,
    boikokobetso bona
    bo tla pele ho tlotla.
  • A re: “Se tswang ka ho motho ke sona se mo silafatsang, hobane ke kahare, dipelong tsa batho, moo ho tswang mehopolo e mebe: bohlola, boshodu, dipolao, le bofebe, meharo, bokgopo, thetso, mekgwa e hlabisang dihlong, mona, ketseletso, boikgantsho, le bothoto. Dintho tsena tsohle tse mpe di tswa kahare, mme di silafatsa motho.”
  • Hobane tsohle tsa lefatshe: ditakatso tsa botho, tse hohelang mahlo, le ho ikgantsha ka maruo, tsena hase tse tswang ho Ntate, empa ke tse tswang ho lefatshe.
  • Ba eisehang le ba nyedisehang ho lefatshe, Modimo o ba kgethile: o kgethile tseo e seng letho ho fedisa tse leng teng, e le hore ho se be mang kapa mang ya ka ithorisang pela Modimo.
  • Ngwanabo rona ya eisehang a be motlotlo ha a phahamisetswa bodumeding. Ya ruileng le yena a be motlotlo ha a eiswa ka ho ba modumedi, hobane o tla fela jwaloka palesa ya jwang.
  • Jwale nna Nebukadenesare, ke rorisa Kgosi ya Lehodimo, ke a e phafa, ke a e tlotlisa, hobane mesebetsi yohle ya yona e nepahetse, le ditsela tsa yona di lokile, mme ba ikgohomosang e a ba kokobetsa.
  • Laela barui ba tsa lefatshe lena hore ba se ke ba ikgohomosa, ba tshepa maruo a felang, ba mpe ba tshepe Modimo ya re fang tsohle ka bongata hore re di thabele.
  • Leha nka fana ka tsohle tseo ke nang le tsona, esita leha nka neelana ka mmele wa ka hore o tjheswe, empa ke se na lerato, ha ho nthuse letho.
  • Ka ba fepa, ba eja, ba ba ba kgora;
    yare ha ba kgotshe
    ba qala ho ikgohomosa,
    kahoo yaba ba se ba ntebala.

Temana ya Bibele ya lehono

Letshepa la ba lokileng
le hlahisa thabo,
athe la ba kgopo lona le a nyamela.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Jwale tsena tse tharo, e leng tumelo, le tshepo, le lerato, di tla nne di be teng, empa e kgolo ho tsona ke lerato.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela