Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Bohlale
- Ke Morena ya fanang ka bohlale,
tsebo le kutlwisiso di tswa ho yena. - Hlokomelang metsamao ya lona haholo; le se be dithoto, le mpe le be ba bohlale, le sebedise monyetla oo le o fumanang, hobane mehla ena e mebe.
- Haeba e mong wa lona a hloka bohlale, a ke a bo kope ho Modimo ya fang bohle ka matsoho a mabedi, a sa kganane, mme o tla bo fuwa.
- Empa bohlale bo tswang hodimo, pele ho tsohle, bo hlwekile; hape bo na le kgotso le mosa, bo bonolo, bo tletse lereko le ditholwana tse molemo; ha bo na leeme, ha bo iketsise.
- Ho fumana bohlale
ho molemo ho feta kgauta,
ho fumana kutlwisiso
ho molemo ho feta silefera. - Se ke wa re:
“Ke hobaneng ha tshiu tsa kgale
di bile molemo ho feta tsa kajeno?”
Ho botsa potso ena
ke ho hloka bohlale. - Ebang sedi ho ba kantle, le sebedise monyetla oo le o fumanang. Kamehla dipolelo tsa lona e be tse mosa, tse nokilweng ka letswai, mme le ithute ho araba motho ka mong hantle.
- Dikgang di hlahiswa ke boikakaso,
bohlale bo fumanwa
ho ba mamelang dikeletso. - Ya ipatlelang bohlale
o rata bophelo ba hae,
ya nang le kelello,
katleho ke ya hae. - Ho se be ya ithetsang. Ha e mong hara lona a ikgopola hore o na le bohlale ba lefatshe lena, a ke a fetohe sethoto, e le hore a tle a hlalefe.
- Ya tshwarang leme la hae
o baballa bophelo ba hae,
ya phasolohang feela
yena o tla timela. - Ke mang hara lona, ya bohlale, ya nang le tsebo? Ka boitshwaro ba hae bo botle, a ke a bontshe hore mesebetsi ya hae e etswa ka boikokobetso bo dumellanang le bohlale.
- Ha ho le jwalo, mang le mang ya utlwang dipolelo tsena tsa ka, a di phetha, o tla tshwantshwa le motho ya bohlale, ya ileng a haha ntlo ya hae hodima letlapa.
- Kahoo re rute
ho bala ditshiu tsa rona,
pelo tsa rona di tle di hlalefe. - Boikakaso bo etella dihlong pele,
boikokobetso bona
bo tsamaya le bohlale. - Ya mphumanang o fumana bophelo,
Morena o tla mo rekolohela. - Ho tshaba Morena
ho ruta motho bohlale;
ikokobetse pele, mme o tla tlotlwa. - “Mehopolo ya ka
hase mehopolo ya lona,
tsela tsa lona
hase tsela tsa ka,”
ho rialo Morena. - Sethoto ha se thabele
ho ba le kutlwisiso,
se thabela
ho pepesa mehopolo ya sona. - Ke kopa Modimo wa Morena wa rona Jesu Kreste, Ntate ya tlotlehang, hore a ke a le fe moya wa bohlale o le senolelang yena, le tle le mo tsebe.
- Ya bohlale
o tla mamela molao pelong ya hae,
sethoto se beberang
sona se tla timela. - Tsena tsohle
di tswa ho Morena wa mabotho,
keletso tsa hae ke tse makatsang,
bohlale ba hae ke bo tebileng. - Wena Modimo
wa baholoholo ba heso,
ke a o leboha, ke bile ke a o tlotla,
wena ya nneileng bohlale le matla,
wa ntshenolela
seo re se kopileng ho wena,
wa re senolela
seo kgosi e se batlang. - Na ha le tsebe,
kapa ha le eso utlwe?
Morena ke Modimo
wa kamehla yohle,
ke yena Mmopi wa lefatshe lohle.
A ke ke a kgathala kapa a tepella,
mehopolo ya hae
e ke ke be ya fihlelwa. - Sethoto ha se kgutsitse
ho thwe se hlalefile,
se na le kutlwisiso
ha se tshwara leme la sona.
Dihlogotaba tša go tswalana
Kwešišo
Ipiletse ho nna, mme...
Mogopolo
Thahasellang dintho tse hodimo...
Go bolela
Leleme le ka phedisa...
Bophelo
Morena o tla o...
Lentšu la Modimo
Lentswe la Modimo le...
Pefelo
Ha le halefile le...