- Sethoto ha se kgutsitse
ho thwe se hlalefile,
se na le kutlwisiso
ha se tshwara leme la sona. - Ya diehang ho halefa
o na le kutlwisiso,
athe sefelapelwana
se bontsha bothoto. - Ho lehlohonolo
ya iphumanetseng bohlale,
ya bileng a fihletseng kutlwisiso. - Bohlale bo bongata
bo tlisa mahlomola a mangata,
ya eketsang tsebo
o ikekeletsa maswabi. - Ho tshaba Modimo
ke qaleho ya tsebo,
empa dithoto di nyedisa bohlale,
di nyedisa le tayo. - Tseba hore bohlale bo jwalo
moyeng wa hao;
ha o ka bo fumana
o tla ba le katleho kamoso,
tshepo ya hao e ke ke ya fela. - Ho tshaba Morena
ke qaleho ya bohlale,
ho tseba Ya Halalelang
ke yona kutlwisiso. - Ke o rutile tsela tsa bohlale,
ka o tsamaisa tseleng tse otlolohileng. - Borui, le bohlale,
le tsebo ya Modimo
di kaakang!
Dikahlolo tsa hae
di ka hlaloswa jwang!
Ditsela tsa hae
di ka utlwisiswa jwang! - Ya tsamayang le bahlalefi
o a hlalefa,
molekane wa dithoto
yena o a thotofala. - Iphumanele bohlale,
iphumanele kutlwisiso,
se lebale polelo tsa ka,
o se di kgelohe. - Qaleho ya bohlale
ke ho tshaba Morena,
bohle ba sedi ba phela jwalo.
O lokelwa ke thoriso kamehla. - Polelo tsa ya bohlale di a kgahleha,
athe tsa sethoto tsona
di a se timetsa. - Ke entse jwalo hore dipelo tsa bona di tshedisehe, di kopane mmoho ka lerato, ba tle ba rue tsebo e tletseng, e tlisang kutlwisiso ya sephiri sa Modimo, e leng Kreste.
- Mora ka, haeba o le bohlale,
le nna ke tla thaba. - E mong o hopola hore letsatsi le leng ke la bohlokwa ho feta le leng; e mong o hopola hore matsatsi wohle a a tshwana. Tabataba ke hore e mong le e mong a kgodisehe ka ho tlala hore o nepile.
- Molao wa Morena o phethehile,
ke mmusapelo;
temoso tsa Morena di a tshepahala,
di hlalefisa sethoto. - Polelo tsa ya kgopo
di timetsa mohahabo,
empa ya lokileng
yena o pholoswa ke tsebo. - Sethoto se hlatsa kgalefo ya sona,
empa ya bohlale yena o a e bipa. - Leleme la sethoto
le baka diqabang,
polelo tsa sona
di se memela ho shapuwa. - Sethoto se sitwa ho itshwara
ha se halefa,
empa ya bohlale
o iphapanyetsa dikgopiso. - Hoja le ka mamela kgalemo ya ka,
pelo ya ka nkabe ke le bulela yona,
mehopolo ya ka ke le tsebisa yona. - Ntata ya lokileng
o nyakalla haholo;
ya nang le mora ya bohlale
o itumela ka yena. - Ba bangata ba tla hlwekiswa, ba ntlafatswe, ba lekwe. Ba kgopo bona ba tla nne ba etse bokgopo. Ha ho le ya mong wa ba kgopo ya tla utlwisisa, empa ba bohlale bona ba tla utlwisisa.
- Sethoto se nyedisa
thuto ya ntata sona,
athe ya ratang kgalemo
yena o a hlalefa.
Dihlogotaba tša go tswalana
Kwešišo
Ipiletse ho nna, mme...
Mogopolo
Thahasellang dintho tse hodimo...
Go bolela
Leleme le ka phedisa...
Bophelo
Morena o tla o...
Lentšu la Modimo
Mangolo wohle a ngotswe...
Pefelo
Ha le halefile le...
Temana ya Bibele ya lehono
Ka baka leo, itokisetseng ho sebeletsa, ka ho ba tjhatsi dikelellong, le be le boitshwaro, le ntse le tshepile ka ho tlala ho newa mohau, mohla Jesu Kreste a bonahatswang.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileAndroidWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Ya phelang tshireletsongya Ya Hodimodimo,
ya ahileng moriting
wa Ya Matla wohle,
o re ho Morena:
“O setshabelo sa ka
le qhobosheane ya ka,
Modimo wa ka eo ke mo tshepang.”Temana ya go latela!
