DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Go ithuta

  • Ke tla o ruta, ke o bontshe tsela;
    ke tla o eletsa, ke o bee leihlo.
  • Tseo le ithutileng tsona, la di amohela, la di utlwa, la di bona ho nna, le di phethe, mme Modimo ya re fang kgotso o tla ba le lona.
  • Ka baka leo, le ke le tshedisane, mme le matlafatsane, jwalokaha le fela le etsa.
  • Ho tshaba Modimo
    ke qaleho ya tsebo,
    empa dithoto di nyedisa bohlale,
    di nyedisa le tayo.
  • Morena, mpontshe ditsela tsa hao,
    o nthute mehlala ya hao.
  • Lentswe la Kreste le ahe ka ho lona ka menono yohle ya lona. Rutanang, mme le eletsane ka bohlale bohle. Ka dipelo tse tletseng teboho, binelang Modimo dipesalema, difela le dipina tse halalelang.
  • Mora wa ka,
    se nyedise kgalemelo ya Morena,
    se kgathale ha a o laya,
    hoba Morena o kgalema
    eo a mo ratang,
    sa ntata, ngwaneng eo a mo ratang.
  • Ya ratang ho lauwa o rata tsebo,
    ya hloileng ho kgalengwa
    ke phoofolo ya naha.
  • Ntsamaise nneteng ya hao,
    o nthute yona,
    hobane wena o Modimo
    ya mpholosang;
    ke o lebeletse ka matsatsi wohle,
    ka baka la molemo wa hao Morena.
  • Ke o rutile tsela tsa bohlale,
    ka o tsamaisa tseleng tse otlolohileng.
  • Nthute ho phetha thato ya hao,
    hobane ke wena Modimo wa ka.
    Moya wa hao o motle
    o ke o ntsamaise,
    o ntsamaise tseleng e bataletseng.
  • Itjariseng joko ya ka, le ithute ka nna, kahobane ke mosa, ke na le pelo e ikokobeditseng, mme le tla fumana phomolo. Joko ya ka e bonolo, mme thoto ya ka e bobebe.
  • Morena o molemo, o lokile;
    kahoo o busetsa baetsadibe tseleng.
    Ba eisehang o ba tsamaisa ho lokeng,
    o ruta ba eisehang tsela ya hae.
  • Empa lona le amohetse Moya o Halalelang ho yena, o ntseng o phela ka ho lona, mme ha le hloke ho rutwa ke mang kapa mang. Erekaha Moya o Halalelang o le ruta tsohle, e leng nnete, e seng leshano, phelang ka ho Kreste, jwalokaha Moya o le rutile.
  • Ha e le wena, o bolele tse lokelang thuto ya nnete.
  • Eyang ke hona le ditjhaba tsohle, le di etse barutuwa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moya o Halalelang, le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Bonang, ke na le lona kamehla yohle ho isa bofelong ba lefatshe.
  • Jesu a ba araba, a re: “Thuto ya ka hase ya ka, empa ke ya ya nthomileng.”
  • Nthute tsela ya hao Morena,
    ke tle ke tsamaye nneteng ya hao;
    tataisetsa pelo ya ka
    tshabong ya lebitso la hao.
  • Ka tsatsi le leng le le leng ha ba a ka ba phetsa ho ruta le ho kgothatsa ka Jesu Kreste, ka Tempeleng, le ka malapeng ka bonngwe.
  • Moya wa ka o o tsetselela bosiu,
    pelo ya ka le yona
    e o hlolohetswe haholo.
    Ha kahlolo tsa hao
    di phethwa lefatsheng,
    baahi ba lefatshe
    ba tla ithuta ho loka.
  • Tsebelang ka dipelong tsa lona hore, jwalokaha ntata a kgalemela mora wa hae, le Morena Modimo wa lona, o le kgalemela jwalo.
  • Empa Mothusi, Moya o Halalelang oo Ntate a tla o romela lebitsong la ka, yena o tla le ruta tsohle, a le hopotse tsohle tseo ke le boleletseng tsona.
  • Le a tseba kamoo ke sa kang ka le patela letho le molemo kateng, ha ke ntse ke bolela, mme ke ruta kapele ho setjhaba le malapeng a lona.
  • Thuto tsa ka
    di tla rotha jwaloka pula,
    polelo tsa ka
    di monyele jwaloka phoka,
    jwaloka lefafatsane
    hodima jwang bo botalana,
    le jwaloka modupe hodima dijalo.
  • Ha ho le jwalo, mang le mang ya tlolang leha e le nngwe ya ditaelo tsena tse nyenyane, mme a ruta batho ho etsa jwalo, o tla bitswa e monyenyane Mmusong wa mahodimo, empa mang le mang ya di phethang, mme a di ruta, yena o tla bitswa e moholo Mmusong wa mahodimo.

Temana ya Bibele ya lehono

Jwalokaha mahloko a Kreste a re aparetse, ka mokgwa o jwalo le wona matshediso a re ngatafaletse ka Kreste.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Ha ho le jwalo, a re leboheng Modimo ya re neileng ho hlola ka Morena wa rona Jesu Kreste.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela