Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Go theeletša
- Bana beso ba ratehang, tsebang hona: Motho ka mong eka kgona a utlwe kapele, empa a se ke a potlakela ho bua le ho halefa.
- Empa Jesu a re: “E, empa haholo ho lehlohonolo ba utlwang lentswe la Modimo, ba le boloke.”
- Ipiletse ho nna, mme ke tla o araba, ke o bolelle dintho tse kgolo, tse matla, tseo wena o sa di tsebeng.
- Le be baphethi ba lentswe leo, e seng bautlwi feela, ba ithetsang ka bobona.
- Re ka ya ho Modimo ka sebete, hobane, ha re kopa ho hong ho ya ka thato ya hae, o a re utlwa.
- Ka nako eo le tla ipiletsa ho nna, le nthapele, mme nna ke tla le mamela.
- Ke rata Morena,
hobane o utlwile thapedi ya ka,
a ntshekehela tsebe,
mohla ke neng ke ipiletsa ho yena. - Ya elang ditaelo hloko o a atleha,
ya tshepang Morena
o a hlohonolofala. - Ha ho le jwalo, mang le mang ya utlwang dipolelo tsena tsa ka, a di phetha, o tla tshwantshwa le motho ya bohlale, ya ileng a haha ntlo ya hae hodima letlapa.
- Tseo le ithutileng tsona, la di amohela, la di utlwa, la di bona ho nna, le di phethe, mme Modimo ya re fang kgotso o tla ba le lona.
- Jwale, kaha re tseba hore o a re utlwa ha re kopa, re a tseba hore tseo re di kopang ho yena e se e ntse e le tsa rona.
- Bona, ke eme monyako, mme ke a kokota. Haeba motho a ka utlwa lentswe la ka, mme a mpulela, ke tla kena ha hae, ke je le yena, le yena a je le nna.
- Jwale tumelo re e fumana ka ho utlwa, mme seo re se utlwang ke lentswe la Kreste.
- Makaqabetsing a ka
ka ipiletsa ho Morena,
ka llela Modimo wa ka
hore a nthuse;
a utlwa lentswe la ka
a le ka tempeleng ya hae,
sello sa ka sa fihla tsebeng tsa hae. - Mora wa ka,
mamela mantswe ana a ka,
o sekehele polelo tsa ka tsebe.
Polelo tsa ka o se di lebale,
o di boloke ka pelong ya hao. - Ya mamelang ha a kgalengwa
o tseleng ya bophelo,
empa ya sa mameleng,
yena o a kgeloha. - Hoseng o utlwa sello sa ka;
hoseng ke lokisa sehlabelo,
mme ke lebella karabelo ya hao. - Morena o beile leihlo la hae
ho ba lokileng,
o sekehetse sello sa bona tsebe. - “Haeba le sa mmamele, le sa tsotelle ho ntlotlisa,” ho rialo Morena wa mabotho, “ke tla le dihela thohako, ke le amohe mahlohonolo a lona. E, ke se ke le amohile wona, hobane ha le ntsotelle!”
- Le latele Morena Modimo wa lona, le mo tshabe, le boloke melao ya hae, le mamele lentswe la hae, le mo sebeletse, le mo kgomarele.
- Ka seroko, Paulosi le Silase ba rapela, ba tlotlisa Modimo ka difela, mme batshwaruwa ba ba mamela.
- Ha ho le jwalo, ya le abelang Moya, ya etsang diketso tse matla hara lona, na o etsa jwalo kahobane le phetha Molao kapa kahobane le dumetse molaetsa oo le o utlwileng?
- A mo araba, a re: “Ho ngotswe, ho thwe:
‘Motho a ke ke a phela
ka bohobe feela,
empa o tla phela le ka polelo
e nngwe le e nngwe
e tswang molomong wa Modimo.’ ” - Ke ile ka batla Morena,
mme a nkaraba,
a ntopolla matswalong wohle a ka. - Ka baka leo, tsohle tseo le di buileng lefifing di tla utlwahala leseding, le tseo le di nyenyeleditseng motho tsebeng dikamoreng tse kahare, di tla phatlalatswa dihlohlolong tsa matlo.
Dihlogotaba tša go tswalana
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...
Boikobo
Jesu a mo araba...
Lentšu la Modimo
Mangolo wohle a ngotswe...
Molao
Mantswe ana ao ke...
Go bolela
Leleme le ka phedisa...
Tšhegofatšo
Morena a le hlohonolofatse...
Temana ya Bibele ya lehono
Taelo eo Kreste a re neileng yona ke ena: Ya ratang Modimo, eka kgona a rate le ngwanabo.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Rona re tsebile, ebile re dumetse lerato leo Modimo a nang le lona ho rona.Modimo ke lerato. Ya phelang leratong o phela ka ho Modimo, le Modimo o phela ka ho yena.Temana ya go latela!