- Mora wa ka,
boloka taelo tsa ntatao,
o se furalle thuto ya mmao. - Ha ngwaneno a o sitetswe, eya, o mo nyatse le le inotshi. Haeba a o mamela, e tla ba o hapile pelo ya hae.
- Empa nna ke tla lebella Morena,
ke lebelle Modimo,
Mopholosi wa ka;
Modimo wa ka o tla nkutlwa. - Ke ne nka araba
ba sa reng letho ka nna;
ke ne nka fumanwa
ke ba sa kang ba mpatla.
Ho tjhaba se neng se sa nthapele
ka re:
‘Ke nna enwa! Ke nna enwa!’ - Ya shebisisang molao o phethehileng wa tokoloho, ya pheellang ho wona, a sa fetohe moutlwi ya lebalang, empa e le mophethi wa mosebetsi, motho eo o tla fumana lehlohonolo ho seo a se etsang.
- Haeba le hlile le mamela lentswe la Morena Modimo wa lona, mme le etsa ho lokileng mahlong a hae; le sekehela ditaelo tsa hae tsebe, le boloka melao yohle ya hae, nke ke ka le otla ka mafu wohle ao ke ileng ka otla Baegepeta ka wona, hobane ke nna Morena, Mofodisi wa hao.
- Hobane mahlo a Morena
a tadima ba lokileng,
le ditsebe tsa hae
di mamela thapelo tsa bona;
sefahleho sa hae se sosobane
se sosobanetse ba etsang bobe. - Motho wa batho
ha a ipiletsa ho Morena,
Morena o a mo utlwa,
o mo pholosa
matshwenyehong wohle a hae. - Ke ipiletsa ho wena Morena,
ke le tlasetlase.
Morena, ako utlwe lentswe la ka!
Tsebe tsa hao di ke di mamele
ha ke etsa thapedi ya ka. - Ya ratang ho lauwa o rata tsebo,
ya hloileng ho kgalengwa
ke phoofolo ya naha. - ‘Le se ke la etsisa baholoholo ba lona, bao baporofeta ba mehleng ya pele ba neng ba ba bolelle, ba re: Morena wa mabotho o bua tjena: Tlohelang metsamao ya lona e kgopo le diketso tsa lona tse kgopo hle, empa ha ba a ka ba mmamela, leha e le hona ho nkutlwa,’ ho rialo Morena.
- Molaetsa oo le o utlwileng ho tloha tshimolohong le o boloke. Ha le ka boloka ka ho lona molaetsa oo le o utlwileng ho tloha tshimolohong, le lona le tla bolokeha ho Mora le ho Ntate.
- Ya ithibang ditsebe
hore a se utlwe molao,
thapelo tsa hae
le tsona ke manyala. - Ke tla ngatafatsa ditloholo tsa hao jwaloka dinaledi tsa lehodimo, mme dinaha tsena tsohle ke tla di nea ditloholo tsa hao. Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofala ka ditloholo tsa hao; kaha Aborahama o ile a mmamela, a boloka ditsela tsa ka, le ditaelo tsa ka, le ditemoso tsa ka, le melao ya ka.
- Ke tla matlafatsa ba ntlo ya Juda,
ba ntlo ya Josefa ke ba pholose.
Ke tla ba kgutlisetsa ha habo bona,
hobane ke ba utlwela bohloko.
Ba tla ka bao ke ne ke eso ba lahle,
hobane nna ke Morena,
Morena Modimo wa bona,
ke tla amohela thapelo tsa bona. - Empa ha a hana ho ba mamela, bolella kereke; haeba a hana ho mamela le yona kereke, mo tadime e le mohedene le molekgetho.
Dihlogotaba tša go tswalana
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...
Boikobo
Jesu a mo araba...
Lentšu la Modimo
Lentswe la Modimo le...
Molao
Mantswe ana ao ke...
Go bolela
Leleme le ka phedisa...
Tšhegofatšo
Morena a le hlohonolofatse...
Temana ya Bibele ya lehono
Kgaotsang, le tsebehore nna ke Modimo,
ke tla okamela ditjhaba,
ke okamele lefatshe.