DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Molao

  • Mantswe ana ao ke o laelang wona hona kajeno a be ka pelong ya hao. O a rute bana ba hao ka hloko, o bue ka wona ha o dutse ka tlung ya hao, leha o tsamaya tseleng, leha o paqame, leha o tsoha.
  • Jwale? Na re tla etsa sebe, kahobane re se tlasa Molao, re mpa re le tlasa mohau? Le kgale!
  • Le re: “Tsohle di dumeletswe,” empa hase ho re tsohle di na le molemo. E, tsohle di dumeletswe, empa hase ho re tsohle di na le thuso.
  • Kajeno ke le laetse hore le rate Morena Modimo wa lona, le tsamaye ditseleng tsa hae, le boloke melao ya hae, le ditaelo tsa hae, le ditemoso tsa hae, e le hore le tle le phele, mme le ate. Morena Modimo wa lona, o tla le hlohonolofatsa naheng eo le yang ho yona, hore e tle e be ya lona.
  • Ya bobedi ke ena: ‘Rata mohaeno jwalokaha o ithata.’ Ha ho taelo e nngwe e kgolo ho feta tsena.
  • Kamehla o bue ka Molao ona, o o nahane motsheare le bosiu, e le hore o tle o hlokomele ho phetha tsohle tse ngotsweng ho wona, o tle o atlehe mesebetsing ya hao, mme o hlohonolofale ho tsohle tseo o di etsang.
  • Empa se bewang ke Moya ke lerato, thabo, kgotso, mamello, mosa, molemo, botshepehi, bonolo le boitshwaro. Tse kang tsena, ha ho molao o ka di thibelang.
  • Ka baka leo, ha ho motho ya ka lokafatswang pela Modimo ka ho phetha Molao, hobane ke ka Molao re nang le tsebo e tletseng ya sebe.
  • Haeba o mamela lentswe la Morena Modimo wa hao ka hloko, o hlokomela ho phetha melao yohle ya hae, eo ke o laelang yona kajeno, Morena Modimo wa hao o tla o phahamisa ho feta ditjhaba tsohle tsa lefatshe.
  • Le se ke la ba le molato wa letho ho motho, haese wa ho ratana, hobane ya ratang wa habo o phethile Molao ka ho tlala.
  • Etswe Molao wohle o akaretswa ka taelo e le nngwe: Rata wa heno jwalokaha o ithata.
  • Ha ho le jwalo, tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, le lona le ba etse tsona; ke wona Molao le Baporofeta.
  • Empa mohau wa Morena,
    ho ba mo tshabang,
    ke wa kamehla yohle,
    e se nang qaleho le qetello;
    le ho loka ha hae ho fihla
    le ditlohotloholwaneng tsa bona,
    ho ba bolokang selekane sa hae,
    ba hopolang
    ho phethahatsa ditaelo tsa hae.
  • Le se ke la kgema le ba sa dumeleng. Ho loka le ho se loke di ka kgotsana jwang? Lesedi le ka kopana jwang le lefifi?
  • Jwale, Iseraele, seo Morena Modimo wa hao, a se batlang ho wena ke sefe haese hore o tshabe Morena Modimo wa hao, o tsamaye ditseleng tsa hae tsohle, o mo rate, o sebeletse Morena Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle; o boloke melao ya Morena, le ditaelo tsa hae tseo ke o laelang tsona kajeno, hore o tle o atlehe?
  • Le lona bo-ntata bana, le se ke la kgentsha bana ba lona, empa le ba hodisetse Morena ka ho ba kgalemela le ho ba ruta hantle.
  • Jarelanang mefokolo, mme ka hona le tla phetha molao wa Kreste.
  • Wena motho,
    o boleletswe se molemo;
    ebe Morena
    o lebeletse eng ho wena?
    Ke ho etsa tse lokileng,
    le ho ba le lerato,
    le ho ikokobeletsa Modimo wa hao.
  • Ena ke taelo ya ka, hore le ratane jwalokaha ke le ratile.
  • Ke o batla ka pelo ya ka yohle;
    se ntumelle ho kgeloha,
    ho kgeloha melao ya hao.
  • Bohle ba sitilweng ba sa tsebe Molao wa Moshe, ba tla timela ba ntse ba sa tsebe Molao oo, empa bohle ba sitilweng ba ntse ba tseba Molao wa Moshe, ba tla ahlolwa ka Molao oo.
  • Empa toka e ke e phalle,
    e phalle jwaloka noka,
    ho loka ho ke ho be
    jwaloka molatswana,
    ho ke molatswana
    o phallang kamehla.
  • Feela le ele hloko, le boloke taelo le molao oo Moshe mohlanka wa Morena, a le laetseng wona: Le rate Morena Modimo wa lona, le tsamaye ditseleng tsohle tsa hae, le boloke melao ya hae, le mo kgomarele, le mo sebeletse ka dipelo tsa lona tsohle, le ka moya wa lona wohle.
  • Baratuwa, haeba matswalo a rona a sa re qose, re ka tla ho Modimo ka sebete. Eng le eng eo re e kopang re tla e fuwa, hobane re boloka ditaelo tsa hae, mme re etsa se mo kgahlisang.
  • Ke ikgethetse tsela ya nnete,
    dikahlolo tsa hao ke di hlokometse.

Taelo eo Kreste a re neileng yona ke ena: Ya ratang Modimo, eka kgona a rate le ngwanabo.
Bala tše dingwe...

Temana ya Bibele ya lehono

Ratanang jwaloka bana ba motho, le hlodisane ha le hlomphana.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Ya re pholositseng, mme ya re bitseditseng hore re halalele, e seng ka baka la mesebetsi ya rona, empa e le ka baka la morero wa hae le mohau wa hae. O re file mohau ona ka Kreste Jesu, mehla e eso be teng.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela