Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Porofeto
- Hlahlobang tsohle, le boloke tse ntle, mme le sesefe bobe ba mofuta ofe kapa ofe.
- Hobane ha ho eso be boporofeta bo kileng ba tla ka thato ya motho le ka mohla, empa e bile ka ho susumetswa ke Moya o Halalelang batho ba ileng ba bolela tse tswang ho Modimo.
- Leha nka ba le neo ya boporofeta, mme ka tseba diphiri tsohle tsa Modimo, ka ba ka di utlwisisa, esita leha nka ba le tumelo yohle e hlokahalang ho suthisa dithaba, empa ke se na lerato, ha ke letho.
- Baratuwa, le se ke la dumela mang kapa mang ya reng o na le Moya. Le mpe le hlahlobe hore na moya oo wa bona o tswa ho Modimo, hobane hohle lefatsheng ho tletse baporofeta ba bohata.
- Ruri Morena Modimo
 ha a ke a etsa letho
 a eso senole morero wa hae,
 a o senolela bahlanka ba hae,
 bahlanka ba hae, baporofeta.
- Kgutla, o yo bolella Hesekiya, moetapele wa setjhaba sa ka, o re ho yena: ‘Morena Modimo wa ntataomoholo, Davida, o bua tjena: Ke utlwile thapelo ya hao, mme ke bone meokgo ya hao. Bona, ke tla o fodisa. Ka letsatsi la boraro o tle o nyolohele ka Tempeleng ya Morena.’
- Hlokomelang baporofeta ba bohata, ba tlang ho lona ba ikgakantse eka ke dinku, empa kahare e le diphiri tse harolakang.
- Mohlomong le ka nna la re ka dipelong tsa lona: ‘Dipolelo tseo Morena a sa kang a di bua re tla di tseba jwang?’ Ha moporofeta a bua ka lebitso la Morena, empa ntho eo a e buang e sa etsahale, e sa phethahale, ntho eo ke e sa buuwang ke Morena. Moporofeta eo o e buile ka boikakaso; le se ke la mo tshaba.
- Ha ba utlwa hona, ba kolobetswa ka lebitso la Jesu. Ha Paulosi a ba bea matsoho, Moya o Halalelang wa theohela hodima bona, ba bua dipuopuo, mme ba porofeta.
- Lona bana ba ka, le ba Modimo, mme le hlotse baporofeta bao, hobane ya nang le lona o moholo ho feta ya nang le lona o moholo ho feta ya nang le ba lefatshe.
- Ha ho le jwalo, ha le sa le melata kapa bajaki, empa le se le le baahi ba sebele hammoho le bahalaledi, mme le ba lelapa la Modimo. Le hahilwe hodima motheo oo e leng baapostola le baporofeta, oo Kreste Jesu ka sebele e leng lejwe la mantlha la wona.
- Ha ho le jwalo, tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, le lona le ba etse tsona; ke wona Molao le Baporofeta.
- Ka baka lena, Morena ke yena ya tla le etsetsa sesupo. Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme o tla mo rea lebitso la Emanuele.
- Empa jwale ho lokafatswa ke Modimo ho bonahaditswe e le ho sa itshetleheng ka Molao; hona ho pakwa ke Molao le Baporofeta. Ke ka ho dumela ho Jesu Kreste, Modimo a lokafatsang bohle ba dumelang, ho se kgethollo.
- Wena Moradi wa Sione
 nyakalla haholo!
 Wena Moradi wa Jerusalema
 etsa ditlatse!
 Bona! Kgosi ya hao e tla ho wena;
 e lokile, e tlisa topollo,
 e ikokobeditse, e palame tonki,
 e palame petsana ya tonki.
- Jwale tsena tsohle di etsahetse hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke Morena ka moporofeta, ha a re:
 “Bonang, morwetsana o tla emola,
 a tswale mora,
 mme mora eo o tla rewa
 lebitso la Emmanuele,”
 e leng ho re: Modimo o na le rona.
- Le se ke la nahana hore ke tlile ho fedisa Molao kapa Baporofeta; ha ke a tla ho di fedisa, ke mpa ke tlile ho di phethahatsa.
- Yaba ke utlwa lentswe la Morena le re: “Ke tla roma mang? Ke mang ya tla ya bakeng sa rona?”
 Yaba ke re: “Ke nna enwa! Nthome!”
- Ha e le wena
 Betlelehema Eferata,
 leha o le monyenyane
 hara meloko ya Juda,
 ho wena
 ho tla tswa mmusi wa Iseraele,
 eo leloko la hae
 le qalehileng kgale,
 la qaleha mehleng ya baholoholo.
- Baporofeta bohle ba a mo paka, ba re e mong le e mong ya dumelang ho yena o tla amohela tshwarelo ya dibe ka lebitso la hae.
Dihlogotaba tša go tswalana
Jesu
Jesu a ba tadima...
Go bolela
Leleme le ka phedisa...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Molao
Mantswe ana ao ke...
Keresemose
O tla tswala mora...
Moya wa Modimo
Morena ke Moya, mme...
Temana ya Bibele ya lehono
Bo kahodimo ho tsohle,iphumanele bona,
ka tsohle tseo o nang le tsona,
o bo reke, o iphumanele kutlwisiso.
