Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Go hlola
- Ditaba tsena ke di buile ho lona hore le tle le fumane kgotso ho nna. Le tla ba le matshwenyeho lefatsheng, empa kgothalang, nna ke hlotse lefatshe.
- O se ke wa hlolwa ke bobe, o mpe o hlole bobe ka botle.
- Hobane ha ho letho leha le le leng le ka sitang Modimo.
- Bohle ba tswetsweng ke Modimo ba hlola lefatshe. Tlholo eo re hlolang lefatshe ka yona ke tumelo ya rona.
- Empa dinthong tsena tsohle re hlola ka mokgwa o phethehileng ka ya re ratileng.
- Ha ho le jwalo, a re leboheng Modimo ya re neileng ho hlola ka Morena wa rona Jesu Kreste.
- Empa wena Morena,
 o thebe e ntshireletsang,
 o mpha seriti, o ntsosa molota.
- Ha e le mona re aparetswe ke leru la dipaki le lekanakana, le rona a re lahleng tsohle tse re sitisang, le sebe se re kgomaretseng, mme re mathe ka tiisetso peisong eo re e beetsweng.
- Lesedi le kganya lefifing, empa lefifi ha le a ka la le hlola.
- Lwana ntwa e ntle ya tumelo; ikgapele bophelo bo sa feleng, boo o bo bitseditsweng, jwalokaha o entse boipolelo bo botle pela dipaki tse ngata.
- Lona bana ba ka, le ba Modimo, mme le hlotse baporofeta bao, hobane ya nang le lona o moholo ho feta ya nang le lona o moholo ho feta ya nang le ba lefatshe.
- Ebang le boitshwaro, le fadimehe. Diabolosi, sera sa lona, o solla jwaloka tau e purumang, a ntse a batla eo a ka mo harolang.
- Ke mang ya hlolang lefatshe, haese ya dumelang hore Jesu ke Mora wa Modimo?
- Ya hlolang ke tla mo nea tokelo ya ho dula le nna teroneng ya ka, jwalokaha le nna ke hlotse, mme ke dutse le Ntate teroneng ya hae.
- Ya hlolang ke yena ya tla apeswa diaparo tse tshweu; ha nka ke ka hlakola lebitso la hae bukeng ya bophelo, mme ke tla mo paka pela Ntate le pela mangeloi a hae.
- Oho, Morena, ako re pholose!
 Oho, Morena, ako re atlehise!
 Ho bokwe ya tlang
 ka bitso la Morena:
 Re le hlohonolofatsa
 re le ka tlung ya Morena.
- Wena Moradi wa Sione
 nyakalla haholo!
 Wena Moradi wa Jerusalema
 etsa ditlatse!
 Bona! Kgosi ya hao e tla ho wena;
 e lokile, e tlisa topollo,
 e ikokobeditse, e palame tonki,
 e palame petsana ya tonki.
Dihlogotaba tša go tswalana
Lefase
Le se ke la...
Jesu
Jesu a ba tadima...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Mpe
O se ke wa...
Ramatla
Boholo, le matla, le...
Modimo
Morena Modimo wa hao...
Temana ya Bibele ya lehono
Ka baka leo, jwalokaha sebe se ile sa busa ka lefu, ka mokgwa o jwalo mohau o busa ka ho loka ho isang bophelong bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Rona re tsebile, ebile re dumetse lerato leo Modimo a nang le lona ho rona.Modimo ke lerato. Ya phelang leratong o phela ka ho Modimo, le Modimo o phela ka ho yena.Temana ya go latela!
