Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Tswaloleswa
- Ka tsela ena, ha motho a le ho Kreste, ke mmopuwa e motjha; tsa kgale di fetile, tse ntjha di hlahile.
- Jesu a araba, a re ho yena: “Kannetenete, ke a o bolella, ha motho a sa tswalwe botjha, a ke ke a bona Mmuso wa Modimo.”
- Le tswetswe botjha, e seng ka peo e bolang, empa ka e sa boleng, e leng lentswe la Modimo le phelang, le sa feleng.
- Bohle ba tswetsweng ke Modimo ba hlola lefatshe. Tlholo eo re hlolang lefatshe ka yona ke tumelo ya rona.
- Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste. Ka baka la boholo ba mohau wa hae, o re tswetse botjha ka tsoho ya Jesu Kreste bafung, hore re tle re be le tshepo e phelang.
- Ke kgodisehile hore ya qadileng mosebetsi ona o motle hara lona o tla o ntshetsa pele ho fihlela Letsatsing la ho tla ha Kreste Jesu.
- Se tswetsweng ke nama ke nama, se tswetsweng ke Moya ke moya.
- A re pholosa, e seng ka baka la mesebetsi e lokileng eo re e entseng, empa e le ka baka la lereko la hae. A re pholosa ka tlhatsuo ya ho tswalwa botjha, eo Moya o Halalelang o re ntjhafatsang ka yona.
- Jesu a araba, a re: “Kannetenete, ke a o bolella, ha motho a sa tswalwe ka metsi le ka Moya, a ke ke a kena Mmusong wa Modimo.”
- Baratuwa, a re rataneng, hobane lerato le tswa ho Modimo. Mang le mang ya nang le lerato o tswetswe ke Modimo, mme o tseba Modimo.
- Jwaloka masea a sa tswa hlaha, lakatsang lebese le hlwekileng la lentswe la Modimo, e le hore ka lona le tle le hodisetswe pholohong.
Dihlogotaba tša go tswalana
Jesu
Jesu a ba tadima...
Mmušo
Kapa na ha le...
Lentšu la Modimo
Lentswe la Modimo le...
Moya wa Modimo
Morena ke Moya, mme...
Phološo
Ha ho e mong...
Kolobetšo
Bohle le bana ba...
Temana ya Bibele ya lehono
Ha ho e mong ya pholosang ntle ho yena, hobane ha ho na lebitso le leng lesele tlasa letsatsi, le neilweng batho, leo re tshwanelang ho pholoswa ka lona.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Morena ke modisa wa ka,ha ke hloke letho.
o nkatla makgulong a matala,
o nkisa pela metsi
moo ke tla phomola teng.Temana ya go latela!