DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Bophelo bjo bo sa felego

  • Ke di fa bophelo bo sa feleng, mme ha di ka ke tsa timela le ka mohla. Ha ho ya tla di hlwibila matsohong a ka. Ntate ya nneileng tsona o moholo ho bohle, mme ha ho ya ka tsebang ho di hlwibila matsohong a Ntate. Rona le Ntate re ntho e le nngwe.
  • Ya mphumanang o fumana bophelo,
    Morena o tla mo rekolohela.
  • Lefatshe, mmoho le ditakatso tsa lona, le a fela, empa ya etsang thato ya Ntate o tla phela kamehla yohle.
  • Modimo wa mehauhelo yohle, ya le bitseditseng tlotleng ya hae e sa feleng, ka Kreste, etlare hoba le hlokofatswe ka nakwana, yena ka sebele o tla le etsa ba phethehileng. O tla le tiisa, a le matlafatse, a etse hore le se ke la sisinyeha.
  • Jwale bopaki boo ke bona: Modimo o re neile bophelo bo sa feleng, mme bophelo bona re bo fumana ka Mora wa hae.
  • Re habile tse sa bonweng, e seng tse bonwang, hobane tse bonwang ke tsa mehla ya jwale, empa tse sa bonweng ke tsa mehla e sa feleng.
  • Modimo o ratile lefatshe hoo a le neileng Mora wa hae ya tswetsweng a inotshi, hore e mong le e mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.
  • Matshwenyeho a rona a bobebe, ke a motsotswana, a re tlisetsa tlotla e kgolohadi, e sa feleng.
  • Lona ba dumetseng lebitsong la Mora wa Modimo, ke le ngoletse tsena, hore le tle le tsebe hore le na le bophelo bo sa feleng.
  • Bophelo bona bo sa feleng ke hore ba o tsebe, o le Modimo a le mong, wa nnete, le Jesu Kreste eo o mo romileng.
  • Ntlhahlobe, Modimo,
    o tsebe pelo ya ka;
    o nnonye maikutlo,
    o tsebe mehopolo ya ka;
    o bone hore na ke tseleng e mpe,
    o ntsamaise tseleng
    ya kamehla yohle.
  • Ka utlwa lentswe le phahameng, le tswang teroneng, le re: “Bona, leaho la Modimo ke leo hara batho. O tla aha le bona; bona e tla ba setjhaba sa hae, mme Modimo ka sebele a be le bona, e le Modimo wa bona. O tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona, mme lefu ha le sa tla hlola le eba teng, esita le mahlomola, kapa dillo, kapa bohloko, hobane tsa kgale di fetile.”
  • Moputso wa sebe ke lefu, empa mpho ya mohau, ya Modimo, ke bophelo bo sa feleng ho Kreste Jesu, Morena wa rona.
  • Ya dumelang ho Mora o na le bophelo bo sa feleng, empa ya sa mameleng Mora a ke ke a bona bophelo, mme kgalefo ya Modimo e tla ba hodima hae kamehla.
  • Lwana ntwa e ntle ya tumelo; ikgapele bophelo bo sa feleng, boo o bo bitseditsweng, jwalokaha o entse boipolelo bo botle pela dipaki tse ngata.
  • Kenang ka kgoro e patisaneng, hobane kgoro e isang timelong e hebehebe, le tsela e yang teng e sephara, mme ba kenang ka yona ba bangata, empa kgoro e isang bophelong e patisane, le tsela e yang teng e boima, mme ba e fumanang ha ba bakae.
  • Ke hopola hore bohloko ba nako ya jwale ha bo lokele ho lekanngwa le tlotla eo re tla e senolelwa.
  • Athe mang le mang ya nwang metsi ao ke tla mo fa wona, a ke ke a hlola a nyorwa le ka mohla, empa metsi ao ke tla mo fa wona a tla fetoha ka ho yena sediba sa metsi a kopoletsang bophelong bo sa feleng.
  • Ya qenehelang bophelo ba hae bo tla mo senyehela, athe ya senyehelwang ke bophelo ka baka la ka o tla bo fumana.
  • Ya jalang tshimong ya tsa botho o tla kotula ho bola ho yona, empa ya jalang tshimong ya tsa Moya, o tla kotula bophelo bo sa feleng ho yona.
  • “Ke nna Alfa le Omega,” ho rialo Morena Modimo, ya leng teng, ya bileng teng, ya tlang ho tla, ya matla wohle.
  • Ha ba ka ke ba hlola ba lapa
    kapa ba nyorwa;
    ha ba sa tla tjheswa ke letsatsi,
    kapa lebatama lefe kapa lefe,
    hobane Konyana
    e bohareng ba terone
    e tla ba disa,
    e ba ise didibeng
    tsa metsi a bophelo.
    Modimo o tla hlakola
    meokgo yohle mahlong a bona.
  • Empa ha e le mona ke hauhetswe, e ne e le hore Kreste Jesu a bonahatse ka nna mamello e tletseng ya hae, ke tle ke be mohlala ho bohle ba tlang ho dumela ho yena, e le hore ba fumane bophelo bo sa feleng.
  • Ka hona o na le matla a ho pholosa ka ho tlala bohle ba tlang ho Modimo ka yena, kaha a phela kamehla ho ba buella.
  • Le se ke la sebeletsa dijo tse senyehang, empa le sebeletse dijo tse hlolang ho isa bophelong bo sa feleng, tseo Mora Motho a tla le nea tsona, hobane Modimo Ntate o mo neile matla.

Ka baka leo, jwalokaha sebe se ile sa busa ka lefu, ka mokgwa o jwalo mohau o busa ka ho loka ho isang bophelong bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona.
Bala tše dingwe...

Temana ya Bibele ya lehono

A matle hakaakang maoto
a ba tsamayang hodima dithaba,
bona ba tlisang molaetsa o molemo,
ba phatlalatsang taba tsa kgotso
ba tlisang molaetsa o molemo,
ba phatlalatsang taba tsa topollo,
ba reng ho Sione:
“Modimo wa hao o a busa!”

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Empa ba tshepileng Morena
ba tla tsoha molota,
ba fofele hodimo jwaloka ntsu;
ba tla matha,
empa ba ke ke ba kgathala,
ba tsamaye,
ba se ke ba fellwa ke matla.
Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela