DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Diabolo

  • Ebang le boitshwaro, le fadimehe. Diabolosi, sera sa lona, o solla jwaloka tau e purumang, a ntse a batla eo a ka mo harolang.
  • Ha re lwane le motho wa nama le madi, empa re lwana le meya e busang, le e laolang, le e renang hodima lefatshe lena la lefifi, e leng meya e kgopo, e sebakeng.
  • Hlomelang ka dihlomo tsohle tsa Modimo, hore le tle le tsebe ho qhela maraba a Diabolosi.
  • Empa Morena o a tshepahala, o tla le matlafatsa, a le sireletse ho E Mobe.
  • Ka baka leo, ikokobeletseng Modimo. Lwantshang Diabolosi, mme o tla le baleha.
  • Ya ntseng a etsa sebe ke wa Diabolosi, hobane haesale Diabolosi a etsa sebe ho tloha tshimolohong. Seo Mora wa Modimo a se tletseng ke ho fedisa mesebetsi ya Diabolosi.
  • Ha le halefile le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le dikella le ntse le halefile. Le se ke la fa Diabolosi monyetla.
  • Le tswa ho ntata lona, Diabolosi, mme le rata ho phetha ditakatso tsa ntata lona. Yena e bile mmolai ho tloha tshimolohong, mme ha a a ka a ema nneteng, hobane ha ho nnete ka ho yena. Ha a bua leshano, o bua tseo e leng tsa hae, kahobane o leshano, ke raleshano.
  • Modimo ya re fang kgotso o tla etsa hore le ripitle Satane kapelepele.
    Mohau wa Morena wa rona Jesu o ke o be le lona.
  • Ha ho meleko e kileng ya le hlahela, e fetang matla a botho. Modimo o a tshepahala, mme a ke ke a dumela hore le lekwe ho feta matla a lona. Ha le lekwa o tla le fa matla a ho mamella, le monyetla wa hore le tsebe ho hlola.
  • Morena a re ho Satane: “Ho lokile; tsohle tseo a di ruileng di matsohong a hao; feela yena o se ke wa mo ama ka letsoho la hao.” Yaba Satane o tloha kapele ho Morena.
  • Matlafatsa mehato ya ka
    ho ya ka tshepiso ya hao,
    o se dumelle hore ke buswe ke bobe.
  • Ka baka leo, nkang dihlomo tsohle tsa Modimo, e le hore, mohla ho leng hobe, le tle le tsebe ho ema senna ho isa qetellong.
  • O re phemise ho kena molekong,
    o mpe o re lopolle bobeng,
    hobane Mmuso ke wa hao,
    le matla, le tlotla,
    kamehla le mehla. Amen.
  • O re ntshitse matleng a lefifi, a re fetisetsa mmusong wa Mora wa hae ya ratehang, eo ka yena re fumanang topollo le tshwarelo ya dibe.
  • Ha ke rapele hore o ba tlose lefatsheng, empa e le hore o ba sireletse ho E Mobe.
  • Le se ke la timana, haese ka tumellano, ka nakwana, e le hore le iphe nako ya ho rapela. Kamora moo le boele le kopane, esere Satane a le leka ka baka la ho hloka boitshwaro ha lona.
  • Jwale Jesu a kgutla nokeng ya Jorodane a tletse Moya o Halalelang, a tsamaiswa ke Moya feelleng,
    a ntse a lekwa ke Diabolosi ka matsatsi a mashome a mane. A se ke a ja le letho ka matsatsi ao, mme qetellong ya wona a lapa.
  • Yaba Petrose o re: “Ananiase, ke ka baka lang Satane a keneng pelong ya hao hore o thetse Moya o Halalelang, mme o itshiele karolo ya tjhelete ya thekiso ya tshimo? Ha e eso rekiswe, na e ne e se ya hao na? Ha e se e rekisitswe, na tjhelete e ne e se matleng a hao na? Ke ka baka lang o ileng wa rera ka pelong ya hao ho etsa ketso ee? Ha o a thetsa batho, empa o thetsitse Modimo.”
  • Ha ke re o dumela hore Modimo o mong feela? O etsa hantle; le bona bademona ba dumela jwalo, mme ba a thothomela.

Temana ya Bibele ya lehono

Ke ipiletsa ho wena Morena,
ke le tlasetlase.
Morena, ako utlwe lentswe la ka!
Tsebe tsa hao di ke di mamele
ha ke etsa thapedi ya ka.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Wena motho wa Modimo, baleha tsena, o habe ho loka, borapedi, tumelo, lerato, tiisetso, mosa.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela