DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Ditemana tša Bibele tša go bolela ka go tshepega

  • Bana ba ka, lerato la rona e se ke ya eba la mantswe kapa la leleme feela, empa e be la diketso le la nnete.
  • Ba tshepahalang
    ba tataiswa ke botshepehi ba bona,
    ba sa tshepahaleng bona ba timela,
    ba timetswa
    ke ho se tshepahale ha bona.
  • Ho etsa ho lokileng
    le ho phetha toka
    ho amoheleha ho Morena
    ho feta sehlabelo.
  • Haeba re re re phedisana le yena, empa re phela lefifing, re leshano, mme ha re phethe tsa nnete.
  • Ho lehlohonolo
    ba pelo di hlwekileng,
    hobane ba tla bona Modimo.
  • Neang bohle tse ba lokelang: molekgetho, lekgetho; mokgafisi, kgafa; ya lokelwang ke tshabo, tshabo; ya lokelwang ke hlompho, hlompho.
  • Etsa ka matla ho ba ya amohelehang ho Modimo, mosebeletsi ya ke keng a hlajwa ke dihlong, ya rutang lentswe la nnete ka ho otloloha.
  • Motho ya kgopo o duka kgotso,
    mosebi yena o qabanya metswalle,
    metswalle ya hlooho ya kgomo.
  • Sejosenyane se molemo
    ha se fumanwe ka toka,
    ho ena le maruo
    a fumanwang ka bolotsana.
  • Kgoba matshwafo, o lebelle Morena;
    o se ke wa itlhonamisa
    ka eo tsohle di mo atlang,
    e leng
    ya phethang merero e kgopo.
  • Empa bohlale bo tswang hodimo, pele ho tsohle, bo hlwekile; hape bo na le kgotso le mosa, bo bonolo, bo tletse lereko le ditholwana tse molemo; ha bo na leeme, ha bo iketsise.
  • Fana ka tse molemo
    ho ba di hlokang,
    ha o ena le matla a ho etsa jwalo.
  • Morena o hloile motho
    ya buang leshano,
    empa ya buang nnete
    yena o a mo thabisa.
  • Maruo a fumanweng ka bokgopo
    ha a na thuso,
    empa toka e lokolla motho lefung.
  • Ho feta tsohle, bana beso, le se ke la hlapanya leha e le ka lehodimo kapa ka lefatshe, leha e le ka mokgwa ofe kapa ofe. Ha le re “e”, le re “e”; ha le re “tjhe”, le re “tjhe”; e le hore le se ke la welwa ke kahlolo.
  • Ho lehlohonolo motho ya mosa,
    motho ya adimanang,
    ya sebetsang ditaba tsa hae ka toka.
  • Ha ho ya hotetsang lebone, a le kwahele ka nkgo, kapa a le bee tlasa bethe, empa o le bea sedulwaneng, hore ba kenang ba tle ba bone lesedi.
  • Mahlo a hao
    a tadime kapele ho wena,
    dintshi tsa hao di se ke tsa panya.
  • O tla utlwisisa ho loka,
    ho tshepeha, le ho nepahetseng,
    o utlwisise le ditsela tsohle,
    tsela tsohle, tse lokileng.
  • Ha ho letho le kwahetsweng le sa tlo kwahollwa, le le patehileng le sa tlo tsejwa.
  • Ebile ke kahoo le ntshang lekgetho, hobane babusi ke bahlanka ba Modimo ba phethang mosebetsi wona oo ka hloko.
  • Yaba Petrose o re: “Ananiase, ke ka baka lang Satane a keneng pelong ya hao hore o thetse Moya o Halalelang, mme o itshiele karolo ya tjhelete ya thekiso ya tshimo? Ha e eso rekiswe, na e ne e se ya hao na? Ha e se e rekisitswe, na tjhelete e ne e se matleng a hao na? Ke ka baka lang o ileng wa rera ka pelong ya hao ho etsa ketso ee? Ha o a thetsa batho, empa o thetsitse Modimo.”
  • Ka baka leo, tshabang Morena. Elang hloko, mme le sebetse jwalo. Modimo wa rona ha a sothe toka, ha a ye ka tshobotsi, ha a batle tjotjo.

Temana ya Bibele ya lehono

Ke ipiletsa ho wena Morena,
ke le tlasetlase.
Morena, ako utlwe lentswe la ka!
Tsebe tsa hao di ke di mamele
ha ke etsa thapedi ya ka.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela