Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Lesebo
- Motho ya kgopo o duka kgotso,
mosebi yena o qabanya metswalle,
metswalle ya hlooho ya kgomo. - Ke ya metsamao e se nang kodi,
ya etsang tse lokileng;
ya buang nnete
e tswang pelong ya hae,
ya sa etseletseng ka leleme la hae,
ya sa etseng mohahabo hampe,
ya sa tlameletseng wa habo. - Ya ratang ditshebo
o hlahatsa makunutu,
ya tshepahalang yena o na le sefuba. - Mahlapa a se ke a tswa melomong ya lona, ho mpe ho tswe dipolelo tse molemo, tse ka thusang ho matlafatsa ba di utlwang, le ho ba tlisetsa lehlohonolo.
- Polelo tsa ya kgopo
di timetsa mohahabo,
empa ya lokileng
yena o pholoswa ke tsebo. - Ya patang lehloyo ke mothetsi,
ya sebang ba bang, yena ke sethoto. - Le lehlohonolo ha le hlapaolwa, le hloriswa, le etseletswa ka mekgwa yohle ka baka la ka.
- Kapa na ha le tsebe hore ba kgopo ba ke ke ba eja lefa la Mmuso wa Modimo? Le se ke la ithetsa: dihlola, le basebeletsi ba medimo ya bohata, le difebe, le ba janang maotwana, le mashodu, le ditlofa, le matahwa, le ba ditlhapa, le dinokwane, ba ke ke ba eja lefa la Mmuso wa Modimo.
- Tshwara leleme la hao
le se bue tse mpe,
le molomo wa hao
o se bue leshano. - Leme le thabisang
ke fate sa bophelo,
empa le thetsang
le senya pelo ya motho. - Polelo tsa heletwane di a hlabosa,
di theohela hamonate
ka pelong ya motho.
Dihlogotaba tša go tswalana
Go sekama
Morena o hloile motho...
Go bolela
Leleme le ka phedisa...
Nnete
Ke ya metsamao e...
Mpe
O se ke wa...
Go tshepega
Bana ba ka, lerato...
Segwera
Motswalle o na le...
Temana ya Bibele ya lehono
Ha ho le jwalo, bolayang ditakatso tsa lona tsa lefatshe, e leng bohlola, tse ditshila, ditakatso tse mpe, tsa bokgopo, le meharo, hobane meharo ke ho sebeletsa modimo wa bohata.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileAndroidWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
“Na mosadi a ka lebala lesealeo a le anyesang,
a se ka hauhela ngwana
wa popelo ya hae?
Leha yena a ka lebala,
nna ha nka ke ka o lebala!”
Bona! ke ngotse bitso la hao
kahara diatla tsa ka,
marako a hao
ke ntse ke a bona kamehla.Temana ya go latela!
