DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Setlabelo

  • A re hlokomelaneng, mme re kgothaletsaneng leratong le mesebetsing e metle. Re se ke ra furalla diphutheho tsa rona, jwalokaha ba bang ba tlwaetse. Empa re kgothatsane, haholoholo kaha le a bona hore Letsatsi la Morena le ntse le atamela.
  • Hlomelang ka dihlomo tsohle tsa Modimo, hore le tle le tsebe ho qhela maraba a Diabolosi.
  • O se ke wa tshaba,
    hobane ke na le wena,
    o se tsielehe,
    hobane ke Modimo wa hao.
    Ke tla o matlafatsa,
    ke be ke o thuse,
    ke o tshehetse
    ka tsoho la ka le letona,
    ka tsoho le letona
    le etsang ho loka.
  • Mangolo wohle a ngotswe ka tshusumetso ya Moya wa Modimo, mme a na le thuso ya ho ruta, ya ho nyatsa, ya ho busetsa batho tseleng ya ho loka le ho ba tsamaisa ho yona, hore motho wa Modimo a tle a phethehe, a kwetlisetswe mesebetsi yohle e lokileng.
  • Tshepa Morena
    ka pelo ya hao yohle,
    o se ke wa tshepa bohlale ba hao.
    Kenya Morena mererong ya hao,
    mo kenye ho yona yohle,
    tsela tsa hao a tla di otlolle.
  • Kamehla
    ke ntse ke hopotse Morena,
    hobane o ka tsohong la ka
    le letona,
    nke ke ka sisinngwa.
  • O matlafatsa ba tepeletseng,
    ba kgathetseng
    o ba tsosa molota.
  • Ho fihlela boqhekung ba lona
    ha ke eso fetohe,
    ke tla nne ke le pepe
    ho fihlela le eba bo-raputswe.
    Ke nna ya le bopileng,
    mme ke tla nne ke le sike,
    ke tla nne ke le pepe,
    ke le namolele.
  • Mohlankana a ka hlwekisa
    metsamao ya hae jwang?
    Ka ho hahela lentswe la hao lesaka.
  • Bomodimo bohle, ka ho tlala ha bona, bo ahile ho yena, bothong ba hae. Ka yena, eo e leng hlooho ya meya yohle e busang, le e okamelang, le neilwe bophelo ka ho tlala.
  • Morena Modimo ke yena
    ya mmatlafatsang,
    ya potlakisang maoto a ka
    jwaloka a dikgama,
    ya ntsamaisang hodima dihlaba.
  • Empa nna Modimo o a nthusa,
    Morena ke mmaballi e moholo,
    ke mmaballi wa bophelo ba ka.
  • Ka mokgwa o jwalo Moya o re thusa bofokoding ba rona, hobane ha re tsebe ho rapela ka mokgwa o tshwanelang, empa Moya ka bowona o re rapella ka mefehelo e ke keng ya bolelwa.
  • Wena o mang o ahlolang mohlanka eo e seng wa hao? Ho tiisetsa kapa ho wa ha hae, ke taba ya monga hae. O tla fela a tiisetse, hobane Morena o na le matla a ho mo tiisa.
  • Ka letsatsi la ho qetela, e leng le leholo la mokete, Jesu a ema, a howa, a re: “Ha motho a nyorilwe, a tle ho nna, a nwe.”

Temana ya Bibele ya lehono

Empa ke hlokofatsa mmele wa ka, mme ke a o thapisa, esere mohlomong, ha ke se ke phatlalleditse ba bang molaetsa o molemo, yaba nna ke a lahlwa.

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, Ntata mehauhelo le Modimo wa matshediso wohle. O re tshedisa matshwenyehong wohle a rona, e le hore le rona re tle re tsebe ho tshedisa bohle ba matshwenyehong, ka matshediso ao le rona re tshediswang ka wona ke Modimo.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela