Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Madi
- O re ntshitse matleng a lefifi, a re fetisetsa mmusong wa Mora wa hae ya ratehang, eo ka yena re fumanang topollo le tshwarelo ya dibe.
- Ke ka yena, ka madi a hae, re lopolotsweng, ra tshwarelwa dibe, ka baka la boholo ba mohau wa hae.
- Tsebang hore hase ka dintho tse senyehang, tse kang kgauta le silefera, le ileng la lopollwa metsamaong ya lona ya bosawana, eo le e nkileng ho bo-ntata lona, empa ke ka madi a bohlokwa, a kang a konyana e se nang sekodi, leha e le letheba, e leng a Kreste.
- Empa jwale, kaha le le ho Kreste Jesu, lona bao pele le neng le le hole, le atameditswe ka madi a Kreste.
- Empa haeba re phela leseding, jwalokaha le yena a le leseding, re a phedisana, mme madi a Jesu, Mora wa hae, a re hlwekisa dibe tsohle.
- Ya jang nama ya ka, a enwa madi a ka, o dula ka ho nna, le nna ka ho yena.
- Na madi a Kreste ya inyehetseng ho Modimo ka moya wa hae o sa feleng, a se na sekodi, ekaba wona a hlwekisa hakaakang dipelo tsa rona mesebetsing e isang timelong, e le hore re tle re sebeletse Modimo ya phelang?
- Modimo ya re fang kgotso, ya tsositseng Morena wa rona Jesu bafung, yena Jesu ya ileng a etswa modisa e moholo wa dinku ka madi a selekane se sa feleng, a ke a le fe tsohle tse molemo, tseo le di hlokang ho phetha thato ya hae. Tse mo kgahlisang a ke a di bope ka dipelong tsa rona, ka Jesu Kreste, ya lokelwang ke tlotla kamehla le mehla. A ho be jwalo!
- “Tloong re lokise ditaba,”
ho rialo Morena.
“Leha dibe tsa lona
di ka ba kgubedu,
di tla sweufala jwaloka lehlwa;
leha di ka ba kgubedu tlere!
di tla sweufala jwaloka boya.” - Ha ba se ba jele, a etsa jwalo le ka senwelo, a re: “Senwelo sena ke selekane se setjha se tiisitsweng ka madi a ka, a tshollelwang lona.”
- Tsohle tse tsamayang, tse phelang, e tla ba dijo tsa lona, jwalokaha ke le neile meroho e metala. Tsena tsohle ke le nea tsona. Feela le se ke la ja nama e ntseng e ena le bophelo, e leng madi.
- Ho ya ka Molao e batla e le tsohle tse hlwekiswang ka madi, mme dibe di ke ke tsa tshwarelwa ha madi a sa tsholohe.
- Haeba le ka lokisa metsamao ya lona le diketso tsa lona hantle; haeba le ka sebeletsana ka toka; haeba le sa hatelle moditjhaba, kgutsana le mohlolohadi, mme le sa tsholle madi a se nang molato sebakeng sena; kapa le sa kgumamele medimo esele, e leng ntho e kotsi ho lona; ke tla etsa hore le ahe sebakeng sena, naheng eo ke neng ke e nee baholoholo ba lona, hore e be ya bona kamehla yohle.
- A nka senwelo, a leboha, a nto ba nea sona, a re: “Nwelang ho sona bohle, hobane hona ke madi a ka a selekane, a tla tshollelwa ba bangata, a tshollelwa tshwarelo ya dibe.”
Dihlogotaba tša go tswalana
Jesu
Jesu a ba tadima...
Sebe
Kapa na ha le...
Tshwarelo
Ya lalang diphoso ka...
Mophološi
Seo lerato le leng...
Tlhwekišo
Ha ho le jwalo...
Khobenente
Tsebang ke hona hore...
Temana ya Bibele ya lehono
Jwalokaha mothoa ipona sefahleho ka metsing,
pelo ya motho
le yona ke seipone sa hae.