Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Beine
- Eya, o itjelle dijo ka thabo,
 o inwelle veine o nyakaletse,
 hoba Modimo o sa kgahlisitswe
 ke ketso tsa hao.
- Ke nna sefate sa morara, lona le makala. Ya dulang ka ho nna, le nna ka ho yena, o beha ditholwana tse ngata, hobane ntle ho nna le ke ke la etsa letho.
- Ha ba se ba jele, a etsa jwalo le ka senwelo, a re: “Senwelo sena ke selekane se setjha se tiisitsweng ka madi a ka, a tshollelwang lona.”
- Leha fate sa feiye
 se ke ke sa fupa,
 kapa fate sa morara sa se ke sa beha;
 leha mohlwaare
 o ke ke wa beha ditholwana,
 kapa kotulo ya eba siyo masimong;
 leha masaka a dikgutswane a ka oma,
 kapa masaka a dikgomo
 a mela mohlwa,
 nna ke tla nne ke ithabelle Morena,
 ke nyakallele Modimo,
 Mopholosi wa ka.
- Jwale ha Jesu a nwele asene, a re: “Ho phethahetse!” A kebisa hlooho, a neela moya.
- A nka senwelo, a leboha, a nto ba nea sona, a re: “Nwelang ho sona bohle, hobane hona ke madi a ka a selekane, a tla tshollelwa ba bangata, a tshollelwa tshwarelo ya dibe.”
- Ka itima dijo tse monate, ka ila nama, ka se ke ka nwa veine, ka se ke ka itlotsa ka ole ka dibeke tseo tse tharo.
- Fate tsa morara di se di omeletse,
 fate tsa feiye tsona di ponne,
 fate tsa kgarenate,
 tsa palema le tsa diapole:
 Difate tsohle tsa naha di omeletse.
 Ruri batho ba feletswe ke monyaka.
Dihlogotaba tša go tswalana
Lethabo
Thabang kamehla, se phetseng...
Dijo
O ile a tima...
Jesu
Jesu a ba tadima...
Go ba le dikenywa
Ho lehlohonolo motho ya...
Khobenente
Tsebang ke hona hore...
Madi
O re ntshitse matleng...
Temana ya Bibele ya lehono
Bo kahodimo ho tsohle,iphumanele bona,
ka tsohle tseo o nang le tsona,
o bo reke, o iphumanele kutlwisiso.
