DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Tshwarelo

  • Ya lalang diphoso ka mmele
    o qeka ho ratwa,
    athe ya di pepesang
    yena o senya setswalle.
  • Rekolohelanang, le hauhelane, le tshwarelane, jwalokaha le Modimo a le tshwaretse ka Kreste.
  • Ha le tshwarela batho diphoso tsa bona, le lona Ntata lona ya mahodimong o tla le tshwarela.
  • Ha e mong a lla ka e mong le mamellane, mme le tshwarelane jwalokaha le Morena a le tshwaretse.
  • Haeba setjhaba sa ka, se bitswang ka nna, se ka ikokobetsa, sa rapela, sa mpatla, mme sa kgutla mekgweng ya sona e kgopo, ke tla utlwa ke le lehodimong, ke se tshwarele sebe sa sona, mme ke ntjhafatse naha ya sona.
  • Se ahloleng ba bang, mme ha le ka ke la ahlolwa; le se tswe ba bang, mme ha le ka ke la tsuwa. Tshwarelang, mme le tla tshwarelwa.
  • Jwale Petrose a tla ho yena, a re: “Morena, ngwaneso ha a ntse a ntshitelwa ke tla mo tshwarela hakae? Hasupa na?” Jesu a re ho yena: “Ke re ho wena e seng hasupa, empa ha mashome a supileng hasupa.”
  • Ya patang dibe tsa hae
    a ke ke a ba le katleho;
    ya ipolelang tsona, a di bakela,
    o tla fumana mohau.
  • Wena Morena, o molemo,
    o a tshwarela;
    mohau wa hao o moholo
    ho bohle ba ipiletsang ho wena.
  • Ha le ema ho etsa thapelo, eba le na le disuwa le motho, le mo tshwarele, e le hore Ntata lona ya mahodimong le yena a tle a le tshwarele diphoso tsa lona.
  • Ke Modimo ofe
    ya tshwanang le wena?
    Ya tshwarelang dibe, a leballe ditlolo
    tsa masalla a setjhaba sa hae?
    Wena o Modimo
    ya sa halefeleng ruri,
    wena o Modimo
    ya thabelang ho hauhela.
  • Ka baka leo, tsebang he, bana beso, hore ka Jesu le phatlalletswa tshwarelo ya dibe. Le dinthong tsohle tseo le neng le sitwa ho fumanwa le se molato ho tsona ka Molao wa Moshe,
    mang le mang ya dumelang ho Jesu o fumanwa a se molato ho tsona.
  • Hobane Morena Modimo wa lona, o mosa, o mohau. A ke ke a le furalla, ha le kgutlela ho yena.
  • Ke yena ya ikentseng nyehelo ka baka la dibe tsa rona; e seng tsa rona feela, empa le tsa lefatshe lohle.
  • Ka ba ka ipolela sebe sa ka ho wena,
    ka se ke ka pata molato wa ka;
    ka re: “Ke tla ipolela
    ditlolo tsa ka ho Morena;”
    wena wa ntshwarela molato
    wa sebe sa ka.
  • Ke ka yena, ka madi a hae, re lopolotsweng, ra tshwarelwa dibe, ka baka la boholo ba mohau wa hae.
  • O re tshwarele ditshito tsa rona,
    jwalokaha le rona re tshwarela
    ba re sitetsweng.
  • Pelo tsa lona di ke di swabe,
    ho ena le ho hahola
    diaparo tsa lona.
    Kgutlelang ho Morena,
    Morena Modimo wa lona,
    hobane o mosa, o mohau,
    o dieha ho halefa,
    o tletse lerato,
    o hauhela ba etsang bokgopo.
  • Ka baka leo, bakang, le sokolohe, dibe tsa lona di tle di hlakolwe.
  • Petrose a re ho bona: “Bakang, mme e mong le e mong wa lona a kolobetswe ka lebitso la Jesu Kreste, le tle le tshwarelwe dibe tsa lona, mme le tla amohela mpho ya Moya o Halalelang.”
  • Haeba ngwaneno a o sitelwa, mo kgalemele, mme haeba a baka, mo tshwarele. Haeba a o sitelwa hasupa ka letsatsi, a boela ho wena hasupa, a re: ‘Ke bakile,’ o mo tshwarele.
  • Na hara lona ho teng ya kulang? A ke a bitse baholo ba kereke, hore ba tle ba mo tlotse ka ole ba ntse ba mo rapella ka lebitso la Morena. Thapelo e etswang ka tumelo e tla fodisa mobabi, mme o tla tsoswa diphateng ke Morena. Ha a entse dibe, o tla di tshwarelwa.
  • Ya kgopo
    a furalle ditsela tsa hae,
    molotsana
    a furalle mehopolo ya hae,
    a sokolohele ho Morena wa hae,
    mme Morena o tla mo hauhela;
    a sokolohele ho Modimo wa rona,
    hobane yena o tshwarela haholo.
  • Modimo o itebaditse dinako tsa ho se tsebe ha batho, empa jwale o laela hore kahohle batho bohle ba bake.
  • “Kgutla, wena Iseraele
    wa mokwenehi,”
    ho rialo Morena.
    “Ha nka ke ka hlola
    ke o sosobanyetsa sefahleho,
    hobane ke mohau,”
    ho rialo Morena.
    “Ha ke na ho o halefela
    kamehla yohle.”

Empa ka baka la mehauhelo
e meholo ya hao,
ha o a ka ba timetsa
le ho ba furalla,
hobane o Modimo ya lereko,
ya mohau.
Bala tše dingwe...

Temana ya Bibele ya lehono

Ha ba se ba jele, a etsa jwalo le ka senwelo, a re: “Senwelo sena ke selekane se setjha se tiisitsweng ka madi a ka, a tshollelwang lona.”

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Bohle le bana ba Modimo ka ho dumela ho Kreste Jesu, hobane lona bohle ba kolobeleditsweng ho Kreste le apere Kreste.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela