DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Tshwarelo (2/2)

  • “Kgutla, wena Iseraele
    wa mokwenehi,”
    ho rialo Morena.
    “Ha nka ke ka hlola
    ke o sosobanyetsa sefahleho,
    hobane ke mohau,”
    ho rialo Morena.
    “Ha ke na ho o halefela
    kamehla yohle.”
  • Ke tla ba tshwarela
    makgopo a bona,
    ha ke sa tla hlola
    ke hopola dibe tsa bona.
  • Empa ka baka la mehauhelo
    e meholo ya hao,
    ha o a ka ba timetsa
    le ho ba furalla,
    hobane o Modimo ya lereko,
    ya mohau.
  • Ho lehlohonolo
    ya tshwaretsweng tlolo ya hae,
    eo sebe sa hae se hlakotsweng.
  • Yena ha a utlwa, a re ho bona: “Ba hlokang ngaka ke ba kulang, e seng ba phelang hantle.”
  • O re ntshitse matleng a lefifi, a re fetisetsa mmusong wa Mora wa hae ya ratehang, eo ka yena re fumanang topollo le tshwarelo ya dibe.
  • “Tloong re lokise ditaba,”
    ho rialo Morena.
    “Leha dibe tsa lona
    di ka ba kgubedu,
    di tla sweufala jwaloka lehlwa;
    leha di ka ba kgubedu tlere!
    di tla sweufala jwaloka boya.”
  • Mang kapa mang ya buang se lwantshang Mora Motho o tla tshwarelwa, empa mang kapa mang ya buang se lwantshang Moya o Halalelang, a ke ke a tshwarelwa mehleng ena, leha e le mehleng e tlang.
  • Ka baka leo, ke a le bolella, batho ba ka tshwarelwa sebe se seng le se seng le nyefolo e nngwe le nngwe, empa ha e le nyefolo e nyefolang Moya o Halalelang, ba ke ke ba e tshwarelwa.
  • O tla boela o re utlwela bohloko,
    makgopo a rona o a hatakella fatshe,
    dibe tsa rona
    o di lahlela botebong ba lewatle.
  • Jesu a re: “Ntate, ba tshwarele, hobane ha ba tsebe seo ba se etsang.” Jwale ba arolelana diaparo tsa hae ka lotho.
  • Itokisetseng tseo le tla di bua,
    le kgutlele ho Morena,
    le re ho yena:
    “Ako re tshwarele
    bokgopo bohle ba rona,
    mme thapedi ya rona o e amohele.
    Bakeng sa ho nyehela
    ka mahlabelo a dipohwana,
    re tla o boka ka melomo ya rona.”
  • A nka senwelo, a leboha, a nto ba nea sona, a re: “Nwelang ho sona bohle, hobane hona ke madi a ka a selekane, a tla tshollelwa ba bangata, a tshollelwa tshwarelo ya dibe.”
  • Ho ya ka Molao e batla e le tsohle tse hlwekiswang ka madi, mme dibe di ke ke tsa tshwarelwa ha madi a sa tsholohe.
  • Baporofeta bohle ba a mo paka, ba re e mong le e mong ya dumelang ho yena o tla amohela tshwarelo ya dibe ka lebitso la hae.
  • Yare ha Modimo a bona diketso tsa bona, le kamoo ba baketseng bokgopo ba bona kateng, a ba utlwela bohloko, mme a se ke a ba otla jwalokaha a ne a itse o tla ba otla. A fela a se ke a ba otla.

Temana ya Bibele ya lehono

Lona, bana beso, le bitseditswe bolokolohi. Feela ka bolokolohi boo, le se ke la fa tsa botho sebaka, le mpe le sebeletsane ka lerato.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Ke le siela kgotso, ke le fa kgotso ya ka; ha ke le fe kamoo lefatshe le fanang kateng. Pelo tsa lona di se ferekane, leha e le ho ba boi.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela