DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Bokgauswi

  • Morena o na le lona haeba le lona le ena le yena. Ha le mmatla le tla mo fumana, empa haeba le mo furalla le yena o tla le furalla.
  • Ipatleleng Morena le matla a hae,
    le ipatlele yena le sa kgaotse.
  • Ha ba lokileng ba lla,
    Morena o a ba utlwa;
    o ba lopolla
    matshwenyehong wohle a bona.
    Morena o haufi
    le ba feletsweng ke tshepo,
    o pholosa ba meya e tetebetseng.
  • Morena wa kgotso ka sebele a ke a le fe kgotso kamehla le ka mekgwa yohle. Morena a ke a be le lona bohle.
  • Mosa wa lona o ke o tsejwe ke batho bohle. Morena o haufi.
  • Ntho e le nngwe feela
    eo ke e kopang,
    eo ke e batlang ho Morena,
    ke hore ke phele ka tlung ya Morena
    ka matsatsi wohle a bophelo ba ka,
    ke tle ke bohe
    bokgabane ba Morena,
    ke bo nahanisise
    ke le ka Tempeleng ya hae.
  • O tla mpontsha tsela ya bophelo;
    thabo e kgaphatsehang
    e fumanwa ho wena,
    ho ba ka tsohong la hao le letona
    ke monyaka o sa feleng.
  • Empa jwale, kaha le le ho Kreste Jesu, lona bao pele le neng le le hole, le atameditswe ka madi a Kreste.
  • Seo re tsebang ka sona hore re phela ka ho yena, le yena o phela ka ho rona, ke sena: o re neile Moya wa hae.
  • Batlang Morena
    ha a sa ntse a ka fumanwa,
    ipiletseng ho yena a sa le haufi.
  • Batlang Morena le matla a hae;
    le nne le batle fahleho sa hae,
    le se batle kamehla le mehla.
  • Ha ke na ho le siya le le dikgutsana, ke tla tla ho lona.
  • Jwale, bana beso, ke qetela ka ho re: Thabang, phethahalang, kgothalang, ebang le maikutlo a le mang, le phele ka kgotso, mme Modimo wa lerato, le wa kgotso, o tla ba le lona.
  • Ruri lehlohonolo le mohau
    di tla ba le nna,
    ka matsatsi wohle a bophelo ba ka;
    mme ke tla phela ka tlung ya Morena,
    ke phele kateng kamehla yohle.
  • Letsatsi le le leng
    le hlolwang mabaleng a hao,
    le molemo ho feta a sekete
    a hlolwang hosele.
    Ke rata ho ba monyako
    wa ntlo ya Modimo wa ka,
    ho ena le ho phela
    metlotlwaneng ya ba kgopo.
  • Morena Modimo wa rona, a be le rona, jwalokaha a bile le bo-ntata rona; a se ke a re lahla, a re furalla.
  • Empa ka baka la mehauhelo
    e meholo ya hao,
    ha o a ka ba timetsa
    le ho ba furalla,
    hobane o Modimo ya lereko,
    ya mohau.
  • Ha ho ya kileng a bona Modimo le ka mohla; Mora ya tswetsweng a nnotshi, eo e leng Modimo, ya leng sefubeng sa Ntate, ke yena ya re tsebisitseng Modimo.
  • Le fodise ba kulang ba ho wona, le re ho bona: ‘Mmuso wa Modimo o se o le fihletse!’
  • Ya jang nama ya ka, a enwa madi a ka, o dula ka ho nna, le nna ka ho yena.
  • Moshe a hlola moo le Morena ka matsatsi a mashome a mane, le ka masiu a mashome a mane, a sa je, a sa nwe. Morena a ngola mantswe a selekane matlapeng, e leng melao e leshome.
  • Moya wa ka o nyoretswe Modimo,
    o nyoretswe Modimo ya phelang:
    Ke tla ya neng,
    ke yo hlaha kapela Modimo?
  • Bakang, hobane Mmuso wa mahodimo o atametse!