Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Molopolodi
- Morena Modimo wa hao,
o na le wena,
ke senatlahadi se tla o lwanela.
O tla o thabela ka nyakallo,
a o rate ka lerato la sebele,
a howeletse,
a o hlabele medidietsane,
a e hlabe
sa mohla tsatsi la mokete. - Ke a o rata Morena,
wena matla a ka.
Morena ke lehaha la ka,
ke qhobosheane ya ka,
ke monamoledi wa ka.
Modimo wa ka ke lefika la ka,
leo ke tshabelang ho lona;
Morena ke thebe ya ka,
ke lenaka la ka le ntwanelang,
ke seqhobo sa ka. - Yena o iteletse rona, hore a tle a re lopolle bokgopong bohle, a itlhwekisetse setjhaba seo e tla ba sa hae, se tjhesehelang mesebetsi e metle.
- Kreste o re lokolotse, hore re fele re be le bolokolohi. Tiisetsang ke hona, mme le se ke la dumela ho boela le jariswa joko ya bokgoba.
- Ha ba lokileng ba lla,
Morena o a ba utlwa;
o ba lopolla
matshwenyehong wohle a bona.
Morena o haufi
le ba feletsweng ke tshepo,
o pholosa ba meya e tetebetseng. - Ke hlakotse tshito tsa hao
jwaloka leru,
ka hlakola dibe tsa hao
jwaloka mohodi,
kgutlela ho nna,
hobane ke o lopolotse. - Jwale ha Mora a le lokolla, le tla be le lokolohile ka sebele.
- Mahlomola a ya lokileng a mangata,
empa Morena o mo lopolla
ho wona wohle. - Jwale he, ba leng ho Kreste ha ba sa tla ahlolwa, hobane molao wa Moya o Halalelang o re phedisang ho Kreste Jesu o ntokolotse molaong wa sebe le lefu.
- Ke tla thabela Morena
ka pelo ya ka yohle,
moya wa ka
o thabele Modimo wa ka haholo,
hobane o nkapesitse kobo
ya ho pholoswa,
a nkwahela ka seaparo sa ho loka,
jwalokaha monyadi
a ikgabisa ka moqhaka,
a ikgabisa
jwaloka moprista a ikgabisa,
monyaduwa a tlatlapela
mabenyane a hae. - Molomo wa ka o tla howa ka thabo,
o howe ha ke o roka,
le wona moya wa ka
oo o o lopolotseng. - Ditshiu tsa ka di matsohong a hao;
nnamolele diatleng tsa dira tsa ka,
o nnamolele le ho bahlorisi ba ka. - O tla tswala mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu, hobane o tla pholosa setjhaba sa hae dibeng tsa sona.
- Moya wa Morena Modimo
o hodima ka,
hobane o ntlotseditse
ho bolella mafutsana,
molaetsa o molemo.
O nthometse ho thoba pelo
tsa ba swabileng,
ho phatlalletsa bathopuwa
tsa tokoloho,
le hore ba tjhankaneng
ba tla lokollwa. - Ke tshabela ho wena Morena;
ke se ke ka hlajwa ke dihlong
le ka mohla.
Ako nnamolele
ka baka la ho loka ha hao. - Empa kajeno le lokolotswe sebeng, le entswe makgoba a Modimo, le kotula tse le halaletsang, mme qetello ya tsona ke bophelo bo sa feleng.
- Lona ba ratang Morena,
hloyang bokgopo,
o baballa bophelo
ba batshepuwa ba hae,
o ba namolela
matsohong a ba kgopo. - Ako re thuse, Modimo,
wena mopholosi wa rona,
bitso la hao le tle le tlotliswe;
ako re namolele,
mme o re tshwarele dibe
ka baka la lebitso la hao. - Morena, ako nnamolele
molomong wa ya leshano,
le lelemeng la ya thetsang.
Dihlogotaba tša go tswalana
Tokologo
Kreste o re lokolotse...
Phološo
Ha ho e mong...
Sebe
Kapa na ha le...
Jesu
Jesu a ba tadima...
Bokgoba
Kreste o re lokolotse...
Boloki
Ya thahasellang ho loka...
Temana ya Bibele ya lehono
Se bue leshano ka molomo wa hao,puo tse thetsang
di se tswe ka hanong la hao.
Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileAndroidWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Motswalle o na le lerato kamehla,ngwanabo motho
o tswaletswe ho thusa,
ho thusa mohla tsatsi la ditsietsi.Temana ya go latela!
