Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Go opela
- Ha e le nna ke tla bina,
 ke rorise matla a hao,
 e sa le hosasa ke tla bolela,
 ke bolele tsa mohau wa hao
 ke di bolele ka mehoo ya thabo,
 hobane o bile qhobosheane ya ka,
 o bile setshabelo sa ka
 mohla tsatsi
 la matshwenyeho a ka.
- Mohau wa hao o molemo
 ho feta bophelo,
 molomo wa ka o tla o rorisa.
 Ke tla o boka ha ke ntse ke phela,
 ke phahamise matsoho a ka,
 ke a phahamisetse ho wena.
- Lentswe la Kreste le ahe ka ho lona ka menono yohle ya lona. Rutanang, mme le eletsane ka bohlale bohle. Ka dipelo tse tletseng teboho, binelang Modimo dipesalema, difela le dipina tse halalelang.
- Morena Modimo wa hao,
 o na le wena,
 ke senatlahadi se tla o lwanela.
 O tla o thabela ka nyakallo,
 a o rate ka lerato la sebele,
 a howeletse,
 a o hlabele medidietsane,
 a e hlabe
 sa mohla tsatsi la mokete.
- Ka seroko, Paulosi le Silase ba rapela, ba tlotlisa Modimo ka difela, mme batshwaruwa ba ba mamela.
- Binelang Modimo,
 rokang lebitso la hae,
 lokisang tsela ya ya kaletseng maru.
 Lebitso la hae ke Morena,
 nyakallang mahlong a hae.
 Modimo ke ntata dikgutsana,
 ke mosireletsi wa bahlolohadi,
 o leahong la hae le halalelang.
- Ke a o thabela,
 ke nyakallela ho wena;
 ke roka lebitso la hao,
 wena Ya Hodimodimo.
- Ke tla binela Morena
 ha ke ntse ke phela,
 ke roke Modimo
 bophelong ba ka bohle.
- Ha e le nna,
 ke tshepile mohau wa hao;
 pelo ya ka e ke e nyakalle
 hobane o mpholositse.
- Molomo wa ka o tla howa ka thabo,
 o howe ha ke o roka,
 le wona moya wa ka
 oo o o lopolotseng.
- Binelang Morena,
 hobane o entse tse tlotlehang,
 tsena le di tsebise lefatshe lohle.
- O setshabelo sa ka,
 o tla mphemisa matshwenyeho;
 o nteela hare, o a ntopolla.
- Morena, ke tla o boka hara ditjhaba,
 ke o roke hara merabe.
- Ke ipileditse ho yena
 ka molomo wa ka,
 ka mo phafa ka leleme la ka.
- Ke ne ke lopolla mafutsana
 a llelang thuso,
 ke lopolla le yona kgutsana
 e se nang mothusi.
 Ya kgatheng la ho shwa
 o na ntlhohonolofatsa,
 mohlolohadi yena
 ke thabisa pelo ya hae.
Dihlogotaba tša go tswalana
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Tumišo
Oho, Morena, ke wena...
Lethabo
Thabang kamehla, se phetseng...
Tšhireletšo
Hlomelang ka dihlomo tsohle...
Bophelo
Morena o tla o...
Modimo
Morena Modimo wa hao...
Temana ya Bibele ya lehono
Bo kahodimo ho tsohle,iphumanele bona,
ka tsohle tseo o nang le tsona,
o bo reke, o iphumanele kutlwisiso.
