Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Ditšhiwana
- Le se ke la hlekefetsa mohlolohadi, kapa kgutsana. Ha le fela le mo hlekefetsa, ruri ke tla utlwa sello sa hae, ha a ipiletsa ho nna. Kgalefo ya ka e tla tuka, mme ke tla le bolaya ka sabole; basadi ba lona ba tla fetoha bahlolohadi, mme bana ba lona ba fetohe dikgutsana.
- Ha ke na ho le siya le le dikgutsana, ke tla tla ho lona.
- Ithuteng ho etsa tse lokileng,
 le ipatlele le yona toka,
 kgalemelang mohatelli,
 le ahlolele kgutsana hantle,
 nyewe ya mohlolohadi
 le yona le e emele.
- Borapedi bo hlwekileng, bo se nang sekodi mahlong a Modimo Ntata rona, ke bona: Ho tjhakela dikgutsana le bahlolohadi matshwenyehong a bona, le ho ipoloka re sa silafatswe ke tsa lefatshe.
- Ahlolelang mofokodi ka toka,
 ahlolelang le kgutsana ka toka;
 etsetsang mohlophehi toka,
 le mohloki le mo etsetse yona.
- Binelang Modimo,
 rokang lebitso la hae,
 lokisang tsela ya ya kaletseng maru.
 Lebitso la hae ke Morena,
 nyakallang mahlong a hae.
 Modimo ke ntata dikgutsana,
 ke mosireletsi wa bahlolohadi,
 o leahong la hae le halalelang.
- Morena o sireletsa bajaki,
 o thusa kgutsana le mohlolohadi,
 athe merero ya ba kgopo
 o a e nyopisa.
- Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Ahlolelanang ka toka, le be mosa, mme le utlwelane bohloko. Le se ke la hatella mohlolohadi, leha e le kgutsana, moditjhaba kapa mofutsana. Motho a se ke a rerela ngwanabo bokgopo.’
- Ke ne ke lopolla mafutsana
 a llelang thuso,
 ke lopolla le yona kgutsana
 e se nang mothusi.
 Ya kgatheng la ho shwa
 o na ntlhohonolofatsa,
 mohlolohadi yena
 ke thabisa pelo ya hae.
- Haeba le ka lokisa metsamao ya lona le diketso tsa lona hantle; haeba le ka sebeletsana ka toka; haeba le sa hatelle moditjhaba, kgutsana le mohlolohadi, mme le sa tsholle madi a se nang molato sebakeng sena; kapa le sa kgumamele medimo esele, e leng ntho e kotsi ho lona; ke tla etsa hore le ahe sebakeng sena, naheng eo ke neng ke e nee baholoholo ba lona, hore e be ya bona kamehla yohle.
Dihlogotaba tša go tswalana
Bahlologadi
Hlompha bahlolohadi ba se...
Moagišane
Ya bobedi ke ena...
Boloki
Ya thahasellang ho loka...
Bohloki
Jesu a araba, a...
Tšhireletšo
Hlomelang ka dihlomo tsohle...
Go opela
Ha e le nna...
Temana ya Bibele ya lehono
Bo kahodimo ho tsohle,iphumanele bona,
ka tsohle tseo o nang le tsona,
o bo reke, o iphumanele kutlwisiso.
