Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Bahlologadi
- Hlompha bahlolohadi ba se nang le moneketsela.
- Borapedi bo hlwekileng, bo se nang sekodi mahlong a Modimo Ntata rona, ke bona: Ho tjhakela dikgutsana le bahlolohadi matshwenyehong a bona, le ho ipoloka re sa silafatswe ke tsa lefatshe.
- Le se ke la hlekefetsa mohlolohadi, kapa kgutsana. Ha le fela le mo hlekefetsa, ruri ke tla utlwa sello sa hae, ha a ipiletsa ho nna. Kgalefo ya ka e tla tuka, mme ke tla le bolaya ka sabole; basadi ba lona ba tla fetoha bahlolohadi, mme bana ba lona ba fetohe dikgutsana.
- Binelang Modimo,
rokang lebitso la hae,
lokisang tsela ya ya kaletseng maru.
Lebitso la hae ke Morena,
nyakallang mahlong a hae.
Modimo ke ntata dikgutsana,
ke mosireletsi wa bahlolohadi,
o leahong la hae le halalelang. - Ithuteng ho etsa tse lokileng,
le ipatlele le yona toka,
kgalemelang mohatelli,
le ahlolele kgutsana hantle,
nyewe ya mohlolohadi
le yona le e emele. - Morena o sireletsa bajaki,
o thusa kgutsana le mohlolohadi,
athe merero ya ba kgopo
o a e nyopisa. - Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Ahlolelanang ka toka, le be mosa, mme le utlwelane bohloko. Le se ke la hatella mohlolohadi, leha e le kgutsana, moditjhaba kapa mofutsana. Motho a se ke a rerela ngwanabo bokgopo.’
- Ke ne ke lopolla mafutsana
a llelang thuso,
ke lopolla le yona kgutsana
e se nang mothusi.
Ya kgatheng la ho shwa
o na ntlhohonolofatsa,
mohlolohadi yena
ke thabisa pelo ya hae. - Ba buelle,
o ba ahlolele ka toka,
o emele nyewe tsa bafumanehi
le wona mafutsana. - Haeba le ka lokisa metsamao ya lona le diketso tsa lona hantle; haeba le ka sebeletsana ka toka; haeba le sa hatelle moditjhaba, kgutsana le mohlolohadi, mme le sa tsholle madi a se nang molato sebakeng sena; kapa le sa kgumamele medimo esele, e leng ntho e kotsi ho lona; ke tla etsa hore le ahe sebakeng sena, naheng eo ke neng ke e nee baholoholo ba lona, hore e be ya bona kamehla yohle.
Dihlogotaba tša go tswalana
Ditšhiwana
Le se ke la...
Moagišane
Ya bobedi ke ena...
Boloki
Ya thahasellang ho loka...
Bohloki
Jesu a araba, a...
Go opela
Ha e le nna...
Tšhireletšo
Hlomelang ka dihlomo tsohle...
Temana ya Bibele ya lehono
Dintho tsohledi beetswe dinako tsa tsona,
nako tsa ho etsa tsohle
mona lefatsheng.
Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileAndroidWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Ya phelang tshireletsongya Ya Hodimodimo,
ya ahileng moriting
wa Ya Matla wohle,
o re ho Morena:
“O setshabelo sa ka
le qhobosheane ya ka,
Modimo wa ka eo ke mo tshepang.”Temana ya go latela!
