DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Keresemose

  • O tla tswala mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu, hobane o tla pholosa setjhaba sa hae dibeng tsa sona.
  • Kajeno, motseng wa Davida, le tswaletswe Mopholosi, e leng Kreste Morena.
  • Tlotla e be ho Modimo
    mahodimong a hodimodimo,
    kgotso e be lefatsheng
    ho batho ba mo kgahlang!
  • Rona re tswaletswe Ngwana,
    rona re filwe Mora,
    puso e tla ba mahetleng a hae,
    o tla bitswa
    Radimakatso le Moeletsi,
    Modimo ya matla, Rabosafeleng,
    Kgosana ya Kgotso.
  • Lengeloi la re ho bona: “Se tshabeng. Bonang, ke le bolella molaetsa o molemo wa thabo e kgolo, eo e tla ba ya batho bohle.”
  • Ha ba le moo, nako ya hae ya ho beleha ya fihla, mme a beleha mora wa hae wa letsibolo; a mo phutha ka masela, a mo robatsa ka sejelong, hobane ba ne ba hlokile sebaka tlung ya baeti.
  • Jwale tsena tsohle di etsahetse hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke Morena ka moporofeta, ha a re:
    “Bonang, morwetsana o tla emola,
    a tswale mora,
    mme mora eo o tla rewa
    lebitso la Emmanuele,”
    e leng ho re: Modimo o na le rona.
  • Ka baka lena, Morena ke yena ya tla le etsetsa sesupo. Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme o tla mo rea lebitso la Emanuele.
  • Badisa ba nto kgutla ba ntse ba tlotlisa Modimo, ba mo roka ka ditaba tsohle tseo ba di utlwileng, ba di boneng, jwalokaha ba boleletswe.
  • Meetlo ya baditjhaba ke ya lefeela,
    baditjhaba ba rema sefate morung,
    ebe sebetli ka selepe se a se betla.
    Ba se kgabisa ka silefera
    le ka kgauta,
    ba se kgokgothele ka noto
    le ka dipekere,
    hore se se ke sa sisinyeha.
    Medingwana ena e ka setshosa,
    e ka setshosa se hlonngwe
    tshimong ya mahapu,
    empa ha e le ho bua hona
    ha e ho tsebe;
    eka kgona ba e jare,
    hobane ha e tsebe ho tsamaya.
    Lona le se e tshabe,
    e ke ke ya le ntsha kotsi,
    ho etsa molemo le hona
    ha e ho tsebe.
  • Le Josefa a nyoloha Galelea, motseng wa Nasaretha, a ya Judea, motseng wa Davida o bitswang Betlelehema, hobane yena e ne e le wa ntlo ya Davida le wa leloko la hae. A ingodisa le Maria, eo a mo lebeleditseng, eo e neng e le moimana.
  • Lengeloi la mo araba, la re: “Moya o Halalelang o tla theohela ho wena, matla a Ya Hodimodimo a be hodima hao; ka baka leo, eo o tla mo tswala o tla bitswa ya Halalelang, Mora wa Modimo.”
  • Yare a sa hopotse jwalo, lengeloi la Morena la iponahatsa ho yena torong, la re: “Josefa, mora Davida, o se ke wa tshaba ho inkela Maria mohatsa hao, hobane se emotsweng ke yena se tswa ho Moya o Halalelang.”
  • Lengeloi la re ho yena: “Se tshabe, Maria, hobane o fumane mohau ho Modimo. Bona, o tla emola, o belehe mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu.”
  • Hoba Jesu a tswallwe Betlelehema e Judea, mehleng ya kgosi Heroda, ha fihla Jerusalema Ba Bohlale ba tswang botjhabela, ba re: “E kae kgosi ya Bajuda e tswetsweng? Re bone naledi ya yona ha e hlaha, mme re tlilo e kgumamela.”
  • Ha e le wena
    Betlelehema Eferata,
    leha o le monyenyane
    hara meloko ya Juda,
    ho wena
    ho tla tswa mmusi wa Iseraele,
    eo leloko la hae
    le qalehileng kgale,
    la qaleha mehleng ya baholoholo.
  • Tswalo ya Jesu Kreste e bile jwaana: Mmae Maria, ha a se a lebeleditswe ke Josefa, ba eso ka ba phela mmoho, a fumaneha e le moimana ka matla a Moya o Halalelang.

Temana ya Bibele ya lehono

Ka baka leo, a re atameleng ka sebete teroneng ya mohau, re tle re amohele lereko, re fumane le mohau ho re thusa ha re hloka thuso.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Ke ho Modimo feela
moo moya wa ka o ka phomolang,
pholoho ya ka e tswa ho yena.
Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela