DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Mehlolo

  • Jesu a ba tadima, mme a re: “Hona ho sita batho, e seng Modimo, hobane Modimo ha a sitwe ke letho.”
  • Jesu a re ho yena: “O re, ‘haeba o ka etsa!’ Tsohle di ka etsahala ho ya dumelang!”
  • Bona mona, ke nna Morena Modimo wa batho bohle; na ho teng se ka ntshitang?
  • Jesu a re: “Tse sitang batho ha di site Modimo.”
  • Empa Jesu ha a utlwa, a re ho Jairuse: “Se tshabe; dumela feela, mme o tla fola.”
  • Hobane ha ho letho leha le le leng le ka sitang Modimo.
  • Ke wena ya bopileng
    bokahare ba ka,
    ya kopantseng ditho tsa ka
    ke sa le popelong ya mme.
    Ke a o boka,
    hobane o mpopile
    ka mokgwa o makatsang;
    mesebetsi ya hao e a hlolla,
    hona ke ho tseba hantle.
  • Jesu a ba tadima, a re ho bona: “Hona ho sita batho, empa Modimo ha a sitwe ke letho.”
  • A re ho bona: “Ke hobane tumelo ya lona e a fokola. Kannete ke a le bolella, ke re: Hoja le na le tumelo e kaa ka tlhaku ya mosetareta le ne le tla re ho thaba ena: ‘Sutha mona, o ye mane,’ mme e ne e tla sutha. Ha ho letho le ka le sitang.”
  • Jesu a nka dinkgwa tse hlano le ditlhapi tse pedi, a lelalla lehodimong, a di hlohonolofatsa, a di ngwatha, a di nea barutuwa ho di abela letshwele. Bohle ba eja, ba kgora, mme ha bokellwa diroto tse leshome le metso e mmedi tsa makumane a setseng.
  • Morena, ke o boka
    ka pelo ya ka yohle,
    ke bolela dimakatso tsohle tsa hao.
  • Jesu o ne a ruta ka ho e nngwe ya matlo a thapelo ka Sabatha. Ho ne ho ena le mosadi ya bileng le moya o mo holofaditseng ka dilemo tse leshome le metso e robedi; o ne a finahane, a sitwa ho inamoloha ho hang. Yare ha Jesu a mmona, a mmitsa, a re ho yena: “Mosadi, o fodisitswe kgolofalong ya hao,” a ba a mmea matsoho; yaba mosadi eo o otloloha hanghang, mme a tlotlisa Modimo. Mookamedi wa ntlo ya thapelo a bua a halefile, hobane Jesu a ile a fodisa ka Sabatha, a re ho letshwele: “Matsatsi a tsheletse ao eka kgonang ho sebetswe ka wona. Ka baka leo, le no tla fodiswa ka wona, e seng ka letsatsi la Sabatha.” Empa Morena a mo araba, a re: “Baikaketsi ting, na e mong le e mong wa lona ha a ke a lokolla pholo ya hae kapa tonki sejelong ka Sabatha, a e ise ho ya nwa na? Mosadi enwa, e leng moradi wa Aborahama, eo Satane a mo tlamileng ka dilemo tse leshome le metso e robedi, na o ne a sa lokele ho lokollwa ditlamong tseo ka letsatsi la Sabatha na?” Ha a rialo, bahanyetsi ba hae bohle ba hlajwa ke dihlong, mme letshwele lohle la thabela tsohle tse tlotlehang, tseo a di etsang.
  • Jesu a ba araba, a re: “Ruri ke a le bolella hore haeba le ena le tumelo, le sa belaele, ha le na ho etsa feela se entsweng sefateng sa feiye, empa leha le ka re ho thaba ena: ‘Sutha, o yo wela lewatleng,’ hoo ho tla etsahala.”
  • Empa ha ba mmona a tsamaya hodima letsha, ba hopola hore ke sethotsela, mme ba bokolla, hobane ba ne ba mmona bohle, mme ba tshoha. Empa a phakisa a bua le bona, a re: “Kgobang matshwafo, ke nna; se tshabeng!”
  • Ka wela fatshe, mme ka utlwa lentswe le re ho nna: ‘Saule! Saule! O ntlhorisetsang na?’
  • Yare hoba a bue tsena, a nyollelwa hodimo ba ntse ba mo shebile, mme leru la mo tlosa mahlong a bona.
  • Ha ba qetile ho rapela, sebaka seo ba neng ba kopanetse ho sona sa reketla, mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, ba bolela lentswe la Modimo ka sebete.
  • Ka baka lena, Morena ke yena ya tla le etsetsa sesupo. Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme o tla mo rea lebitso la Emanuele.
  • Yaba morutuwa eo e mong ya fihlileng pele lebitleng, le yena o a kena, a bona, mme a dumela, hobane ba ne ba eso utlwisise Mangolo a reng eka kgona a tsohe bafung.
  • Le tshabe Morena feela, le mo sebeletse ka nnete le ka dipelo tsa lona tsohle. Elellwang dintho tse kgolo, tseo a le etseditseng tsona.
  • Jwale tsena tsohle di etsahetse hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke Morena ka moporofeta, ha a re:
    “Bonang, morwetsana o tla emola,
    a tswale mora,
    mme mora eo o tla rewa
    lebitso la Emmanuele,”
    e leng ho re: Modimo o na le rona.
  • Tswalo ya Jesu Kreste e bile jwaana: Mmae Maria, ha a se a lebeleditswe ke Josefa, ba eso ka ba phela mmoho, a fumaneha e le moimana ka matla a Moya o Halalelang.

Temana ya Bibele ya lehono

Le se ke la sebeletsa dijo tse senyehang, empa le sebeletse dijo tse hlolang ho isa bophelong bo sa feleng, tseo Mora Motho a tla le nea tsona, hobane Modimo Ntate o mo neile matla.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela