Jesu o ne a ruta ka ho e nngwe ya matlo a thapelo ka Sabatha. Ho ne ho ena le mosadi ya bileng le moya o mo holofaditseng ka dilemo tse leshome le metso e robedi; o ne a finahane, a sitwa ho inamoloha ho hang. Yare ha Jesu a mmona, a mmitsa, a re ho yena: “Mosadi, o fodisitswe kgolofalong ya hao,” a ba a mmea matsoho; yaba mosadi eo o otloloha hanghang, mme a tlotlisa Modimo. Mookamedi wa ntlo ya thapelo a bua a halefile, hobane Jesu a ile a fodisa ka Sabatha, a re ho letshwele: “Matsatsi a tsheletse ao eka kgonang ho sebetswe ka wona. Ka baka leo, le no tla fodiswa ka wona, e seng ka letsatsi la Sabatha.” Empa Morena a mo araba, a re: “Baikaketsi ting, na e mong le e mong wa lona ha a ke a lokolla pholo ya hae kapa tonki sejelong ka Sabatha, a e ise ho ya nwa na? Mosadi enwa, e leng moradi wa Aborahama, eo Satane a mo tlamileng ka dilemo tse leshome le metso e robedi, na o ne a sa lokele ho lokollwa ditlamong tseo ka letsatsi la Sabatha na?” Ha a rialo, bahanyetsi ba hae bohle ba hlajwa ke dihlong, mme letshwele lohle la thabela tsohle tse tlotlehang, tseo a di etsang.

Dihlogotaba tša go tswalana
Mehlolo
Jesu a ba tadima...
Pholo
Jesu a re ho...
Sabatha
Hlokomela letsatsi la Sabatha...
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Temana ya Bibele ya lehono
Ka baka la lerato la Morena,rato le sa feleng,
ha re a ka ra ba ra timela,
mehauhelo ya hae
ha e eso ka e kgaotsa;
hoseng ho hong le ho hong
e a ntjhafala,
botshepehi ba hae
bo boholo haholo!