- Empa Jesu ha a utlwa, a re ho Jairuse: “Se tshabe; dumela feela, mme o tla fola.”
- Jesu a re: “Tse sitang batho ha di site Modimo.”
- Empa Jesu a re: “E, empa haholo ho lehlohonolo ba utlwang lentswe la Modimo, ba le boloke.”
- Hobane ha ho letho leha le le leng le ka sitang Modimo.
- Se ahloleng ba bang, mme ha le ka ke la ahlolwa; le se tswe ba bang, mme ha le ka ke la tsuwa. Tshwarelang, mme le tla tshwarelwa.
- Ha ho le jwalo, ha lona ba kgopo le tseba ho fa bana ba lona dimpho tse molemo, Ntate ya lehodimong o tla fana haholo hakaakang ka Moya o Halalelang ho ba mo kopang!
- Empa nna ke re ho lona ba mmametseng: Ratang dira tsa lona, etsang ba le hloileng hantle, hlohonolofatsang ba le rohakang, mme le rapelle ba le etsang hampe.
- Fanang, mme le tla fuwa: mekotlaneng ya lona le tla tshellwa haholo, e hlohlwe, e hlokohlwe, e sasamale, hobane le tla lekanyetswa ka tekanyo eo le lekanyang ka yona.
- Hobane Mora Motho o tlile ho batla le ho pholosa ba lahlehileng.
- A re ho bona: “Hlokomelang, le pheme meharo yohle, hobane bophelo ba motho ha bo tswe bongateng ba maruo ao a nang le wona.”
Dihlogotaba tša go tswalana
Jesu
Jesu a ba tadima...
Keresemose
O tla tswala mora...
Sebe
Kapa na ha le...
Boitsholo
Haeba setjhaba sa ka...
Letšhogo
O se ke wa...
Mehlolo
Jesu a ba tadima...
Temana ya Bibele ya lehono
Ditakatso tsa botho di lwantshana le tsa Moya, le tsa Moya di lwantshana le tsa botho. Di hanyetsana hoo le sitwang ho etsa seo le se ratang.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileAndroidWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Ebang sebete, le tiye dipelo,lona bohle ba tshepileng Morena.Temana ya go latela!
