DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

LUKA 24

  • Ha a yo mona, o tsohile bafung. Hopolang kamoo a neng a le bolelle kateng a sa le Galelea, ha a re: ‘Eka kgona Mora Motho a neelwe matsohong a baetsadibe, mme a thakgiswe, a nto tsoha ka tsatsi la boraro.’
  • Ba bile ba bolela hore Morena o fela a tsohile, mme o iponahaditse ho Simone.
  • Jwale Jesu a ba isa kantle ho motse, a ya le bona ho ya fihla Bethania, a phahamisa matsoho, a ba hlohonolofatsa. Eitse ha a ntse a ba hlohonolofatsa, a tloha ho bona, a nyollelwa lehodimong.

Temana ya Bibele ya lehono

Ke thabela ho etsa thato ya hao,
Modimo wa ka.
Molao wa hao o ka pelong ya ka.

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Ho lehlohonolo motho
ya itshepetseng Morena,
eo tshepo ya hae
e leng yena Morena.
O tla tshwana le sefate
se lemilweng pela metsi,
seo metso ya sona
e namelang pela molatswana.
Ha se ke se tshoswa
ke ho fihla ha lebatama,
mahlaku a sona
a matalana kamehla,
ka nako ya komello
ha se ke se tshwenyeha,
kamehla se beha
ditholwana tsa sona.
Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela