DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

LUKA 2

  • Le Josefa a nyoloha Galelea, motseng wa Nasaretha, a ya Judea, motseng wa Davida o bitswang Betlelehema, hobane yena e ne e le wa ntlo ya Davida le wa leloko la hae. A ingodisa le Maria, eo a mo lebeleditseng, eo e neng e le moimana.
  • Ha ba le moo, nako ya hae ya ho beleha ya fihla, mme a beleha mora wa hae wa letsibolo; a mo phutha ka masela, a mo robatsa ka sejelong, hobane ba ne ba hlokile sebaka tlung ya baeti.
  • Lengeloi la re ho bona: “Se tshabeng. Bonang, ke le bolella molaetsa o molemo wa thabo e kgolo, eo e tla ba ya batho bohle.”
  • Kajeno, motseng wa Davida, le tswaletswe Mopholosi, e leng Kreste Morena.
  • Tlotla e be ho Modimo
    mahodimong a hodimodimo,
    kgotso e be lefatsheng
    ho batho ba mo kgahlang!
  • Badisa ba nto kgutla ba ntse ba tlotlisa Modimo, ba mo roka ka ditaba tsohle tseo ba di utlwileng, ba di boneng, jwalokaha ba boleletswe.

Temana ya Bibele ya lehono

Ke a o rata Morena,
wena matla a ka.
Morena ke lehaha la ka,
ke qhobosheane ya ka,
ke monamoledi wa ka.
Modimo wa ka ke lefika la ka,
leo ke tshabelang ho lona;
Morena ke thebe ya ka,
ke lenaka la ka le ntwanelang,
ke seqhobo sa ka.

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Haeba setjhaba sa ka, se bitswang ka nna, se ka ikokobetsa, sa rapela, sa mpatla, mme sa kgutla mekgweng ya sona e kgopo, ke tla utlwa ke le lehodimong, ke se tshwarele sebe sa sona, mme ke ntjhafatse naha ya sona.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela