DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

LUKA 12

  • Ha ho letho le kwahetsweng le sa tlo kwahollwa, le le patehileng le sa tlo tsejwa.
  • Ka baka leo, tsohle tseo le di buileng lefifing di tla utlwahala leseding, le tseo le di nyenyeleditseng motho tsebeng dikamoreng tse kahare, di tla phatlalatswa dihlohlolong tsa matlo.
  • Ana dirobele tse hlano ha di rekiswe disente tse pedi na? Athe Modimo ha a lebale le se seng sa tsona. Esita le diqoba tsa moriri wa hlooho tsa lona di badilwe kaofela. Le se ke la tshaba! Le ba bohlokwa ho feta dirobele tse ngata.
  • A re ho bona: “Hlokomelang, le pheme meharo yohle, hobane bophelo ba motho ha bo tswe bongateng ba maruo ao a nang le wona.”
  • Le se ke la itshwenya ka bophelo ba lona, hore na le tla jang, leha e le ka mmele ya lona, hore na le tla aparang, hobane bophelo bo feta dijo, le mmele o feta diaparo.
  • Lemohang makgwaba: Ha a jale, ha a kotule, ha a na ntlo ya polokelo, leha e le sesiu, empa Modimo o a a fepa. Lona le feta dinonyana hakaakang!
  • Se tshabeng, mohlatswana, hobane Ntata lona o kgahlilwe ke ho le nea Mmuso.
  • Athe ha e le ya ileng a etsa tse lokelwang ke kotlo a sa ka a tseba thato ya monga hae, o tla shapuwa hanyenyane. Mang le mang ya neilweng haholo, ho tla batlwa tse ngata ho yena, mme ya tshepetsweng tse ngata o tla botswa ho feta.

Temana ya Bibele ya lehono

Ha ho e mong ya pholosang ntle ho yena, hobane ha ho na lebitso le leng lesele tlasa letsatsi, le neilweng batho, leo re tshwanelang ho pholoswa ka lona.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Lentswe la Modimo le a phela, le a sebetsa. Le bohale ho feta disabole tsohle tse sehang kamahohle. Le phohlotsa ho ya fihla moo bophelo le moya di kopanang teng, manonyeletsong le mokong. Le ahlola mehopolo le merero ya pelo.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela