DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Go ba le dikenywa

  • Ho lehlohonolo motho
    ya itshepetseng Morena,
    eo tshepo ya hae
    e leng yena Morena.
    O tla tshwana le sefate
    se lemilweng pela metsi,
    seo metso ya sona
    e namelang pela molatswana.
    Ha se ke se tshoswa
    ke ho fihla ha lebatama,
    mahlaku a sona
    a matalana kamehla,
    ka nako ya komello
    ha se ke se tshwenyeha,
    kamehla se beha
    ditholwana tsa sona.
  • Empa se bewang ke Moya ke lerato, thabo, kgotso, mamello, mosa, molemo, botshepehi, bonolo le boitshwaro. Tse kang tsena, ha ho molao o ka di thibelang.
  • Hase lona le nkgethileng, empa ke nna ke le kgethileng, mme ke le beile hore le ye, le behe ditholwana, mme ditholwana tsa lona di dulele ruri, hore eng le eng eo le e kopang Ntate ka lebitso la ka, a le fe yona.
  • Bontshang ka diketso hore le bakile.
  • Ke nna sefate sa morara, lona le makala. Ya dulang ka ho nna, le nna ka ho yena, o beha ditholwana tse ngata, hobane ntle ho nna le ke ke la etsa letho.
  • Ntate o tlotliswa ka hona: ha le beha ditholwana tse ngata, le tla ba barutuwa ba ka.
  • Peo e jetsweng meutlweng ke ya utlwang lentswe, feela dikgathatso tsa mehla ya jwale le thetso ya maruo di bipetsa lentswe, le nyope.
  • Ha le tsamaya ho ya ka ditaelo tsa ka, le boloka melao ya ka, le e phetha, ke tla le nesetsa pula ka nako ya yona, mme masimo a tla ba le tjhai, le difate tsa naha di behe ditholwana tsa tsona.
  • Leha fate sa feiye
    se ke ke sa fupa,
    kapa fate sa morara sa se ke sa beha;
    leha mohlwaare
    o ke ke wa beha ditholwana,
    kapa kotulo ya eba siyo masimong;
    leha masaka a dikgutswane a ka oma,
    kapa masaka a dikgomo
    a mela mohlwa,
    nna ke tla nne ke ithabelle Morena,
    ke nyakallele Modimo,
    Mopholosi wa ka.
  • Leleme le ka phedisa,
    hape le ka bolaya,
    ba ratang ho hehla
    ba tla kotula tholwana tsa hona.
  • Ditholwana tsa ho loka di jalwa ka kgotso ke ba etsang kgotso.
  • Le dipolelo
    tseo ke di buang di jwalo,
    di ke ke tsa kgutlela ho nna
    di sa sebetsa letho,
    empa di tla phethahatsa
    seo ke se ratang,
    di phethe merero
    eo ke di rometseng ho e phetha.
  • Kgalemelo e nngwe le e nngwe ha e etswa ha e thabise, e bohloko, empa hamorao bao e ba thapisitseng, e ba tlisetsa ditholwana tsa kgotso, tsa ho loka.
  • Le se ke la ikamahanya le mesebetsi e nyopang ya lefifi, le mpe le e nyatse.
    Tseo ba di etsang sephiring, le ho di bolela ho dihlong.
  • Modimo a nto re: “Bonang, ke le file meroho yohle e nang le peo, e teng lefatsheng lohle; le difate tsohle tse behang ditholwana tse nang le peo, hore e be dijo tsa lona.”
  • Modimo a ba hlohonolofatsa, a re ho bona: “Atang, le ngatafale, le tlale lefatshe, le rene hodima lona; le laole ditlhapi tsa lewatle, le dinonyana tse fofang, le tsohle tse tsamayang hodima lefatshe.”
  • Ka tumelo le yena Sara, eo e neng e le nyopa, o ile a fuwa matla a ho ba le ngwana, leha a ne a se a tsofetse haholo, hobane o ile a tshepa botshepehi ba ya mo tshepisitseng.
  • Ke nna sefate sa nnete sa morara, mme Ntate ke molemi. Lekala le leng le le leng le ho nna le sa beheng ditholwana, o a le poma, mme le leng le le leng le behang ditholwana, o a le faola, hore le tle le behe ditholwana tse ngata ho feta.

Temana ya Bibele ya lehono

Letshepa la ba lokileng
le hlahisa thabo,
athe la ba kgopo lona le a nyamela.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Jesu a re ho yena: “Ke nna tsoho le bophelo; ya dumelang ho nna leha a ka shwa o tla phela. Mang le mang ya phelang, mme a dumela ho nna, ha a ka ke a shwa le ka mohla o le mong; na o dumela hona na?”Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela