Litemana tsa Bibele mabapi le ntoa ea Moea
- Kahoo ebang malalaalaotswe, nnete e be leqhama la lona, ho loka ho sireletse difuba tsa lona, mafolofolo a ho bolela molaetsa o molemo wa kgotso, e be meqathatso ya lona. Haholoholo tshwarang thebe ya tumelo eo ka yona le ka tsebang ho tima malakabe a metsu yohle e tukang ya E Mobe.
- Ha re lwane le motho wa nama le madi, empa re lwana le meya e busang, le e laolang, le e renang hodima lefatshe lena la lefifi, e leng meya e kgopo, e sebakeng.
- Morena o tla le lwanela, lona le ntse le itholetse!
- Le hoja re le batho, ha re lwanele tsa botho.
- Leha nka dikanelwa ke mara,
nke ke ka tshoha letho;
esita leha nka futuhelwa,
le teng ke tla nne ke be le tshepo. - Ha ke re o dumela hore Modimo o mong feela? O etsa hantle; le bona bademona ba dumela jwalo, mme ba a thothomela.
- Ba bang ba tshepile kariki tsa ntwa,
ba bang ba tshepile dipere,
empa rona re tshepile
lebitso la Morena,
lebitso la Morena Modimo wa rona. - Ka baka leo, ikokobeletseng Modimo. Lwantshang Diabolosi, mme o tla le baleha.
- Empa Morena o a tshepahala, o tla le matlafatsa, a le sireletse ho E Mobe.
- Ke qetella ka ho re: Imatlafatseng ka matla a maholo a Morena.
- Ebang le boitshwaro, le fadimehe. Diabolosi, sera sa lona, o solla jwaloka tau e purumang, a ntse a batla eo a ka mo harolang.
- Ke lwanetse tsa Modimo senna, ke qetile thota ya peiso, ke bolokile tumelo. Jwale ke se ke beetswe mofapahlooho wa ho loka, oo Morena, moahlodi ya lokileng, a tlang ho mputsa ka wona ka Letsatsi lela; e seng nna feela, empa le bohle ba lebeletseng boiponahatso ba hae.
- Hlomelang ka dihlomo tsohle tsa Modimo, hore le tle le tsebe ho qhela maraba a Diabolosi.
- Ka baka leo, nkang dihlomo tsohle tsa Modimo, e le hore, mohla ho leng hobe, le tle le tsebe ho ema senna ho isa qetellong.
- Rwalang katiba ya tshepe ya pholoho, le tshware sabole ya Moya, e leng lentswe la Modimo.
- Ho se be ya le thetsang ka tsela efe kapa efe. Pele ho Letsatsi leo ho tla ba le bokwenehi, mme ho senolwe Ya Kgopo, ya tlamehileng ho timela. Yena o tla lwantsha, a iphahamisetse tsohle tse bitswang Modimo, tse kgumamelwang ke batho, hoo yena a tlang ho itulela ka Tempeleng ya Modimo, a iketse Modimo.
- Lwana ntwa e ntle ya tumelo; ikgapele bophelo bo sa feleng, boo o bo bitseditsweng, jwalokaha o entse boipolelo bo botle pela dipaki tse ngata.
Dihlogotaba tša go tswalana
Diabolo
Ebang le boitshwaro, le...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Mpe
O se ke wa...
Polokego
Empa Morena o a...
Tšhireletšo
Hlomelang ka dihlomo tsohle...
Medimo e šele
Bana ba ka, itlhokomeleng...
Temana ya Bibele ya lehono
Haeba le etsa hantle ba le etsang hantle, le ka lokelwa ke teboho efe? Esita le baetsadibe ba etsa jwalo.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileAndroidWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Morena o tla o sireletsa,a o sireletse bobeng bohle,
a baballe bophelo ba hao.
Morena o tla o lebela
ha o eya le ha o kgutla,
ho tloha jwale le kamehla yohle.Temana ya go latela!
