DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Mogopolo

  • Thahasellang dintho tse hodimo, e seng tse lefatsheng.
  • Hlokomelang metsamao ya lona haholo; le se be dithoto, le mpe le be ba bohlale, le sebedise monyetla oo le o fumanang, hobane mehla ena e mebe.
  • A re ho yena: “ ‘Rata Morena Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka maikutlo a hao wohle.’ ”
  • Ya ipatlelang bohlale
    o rata bophelo ba hae,
    ya nang le kelello,
    katleho ke ya hae.
  • Bohlale bo bongata
    bo tlisa mahlomola a mangata,
    ya eketsang tsebo
    o ikekeletsa maswabi.
  • Ya sedi o elellwa kotsi,
    a batle setshabelo,
    empa ya se nang tsebo
    o tlatselaka feela,
    a wele kotsing.
  • Ho lehlohonolo
    ya iphumanetseng bohlale,
    ya bileng a fihletseng kutlwisiso.
  • Tshepe e leotswa
    ka tshepe e nngwe,
    monna o tentshwa tshea
    ke banna ba bang.
  • Ke mang hara lona, ya bohlale, ya nang le tsebo? Ka boitshwaro ba hae bo botle, a ke a bontshe hore mesebetsi ya hae e etswa ka boikokobetso bo dumellanang le bohlale.
  • Ha ho le jwalo, mang le mang ya utlwang dipolelo tsena tsa ka, a di phetha, o tla tshwantshwa le motho ya bohlale, ya ileng a haha ntlo ya hae hodima letlapa.
  • Sethoto ha se kgutsitse
    ho thwe se hlalefile,
    se na le kutlwisiso
    ha se tshwara leme la sona.
  • Ka baka la neo ya mohau eo ke e neilweng, ke bolella e mong le e mong wa lona hore a se ke a ikgopola ho feta tekanyo, a mpe a inahane ka mokgwa o lekaneng, ho ya kamoo Modimo a lekanyeditseng e mong le e mong tumelo ya hae kateng.
  • Ho tloha tlholehong ya lefatshe, tse sa bonweng tsa hae, ke ho re matla a hae a sa feleng le bomodimo ba hae, haesale di bonwa hantle, mme di utlwisiswa ka tse entsweng ke yena. Kahoo ba hloka boitatolo.
  • Ha ke ne ke ena le lona, ke ne ke ikemiseditse ho lebala tsohle, haese tsa Jesu Kreste feela, yena ya thakgisitsweng.
  • Sethoto se nyedisa
    thuto ya ntata sona,
    athe ya ratang kgalemo
    yena o a hlalefa.
  • Mme ‘ho mo rata ka pelo yohle, le ka kelello yohle, le ka matla wohle, le ho rata mohahabo rona jwalokaha re ithata,’ ho feta ditjheso tsohle le mahlabelo wohle.