- Jwalokaha botjhabela
bo le hole le bophirimela,
le ditlolo tsa rona o a di suthisa,
o di suthisetsa hole le yena hakaalo. - Haeba ngwaneno a o sitelwa, mo kgalemele, mme haeba a baka, mo tshwarele. Haeba a o sitelwa hasupa ka letsatsi, a boela ho wena hasupa, a re: ‘Ke bakile,’ o mo tshwarele.
- Ke Modimo ofe
ya tshwanang le wena?
Ya tshwarelang dibe, a leballe ditlolo
tsa masalla a setjhaba sa hae?
Wena o Modimo
ya sa halefeleng ruri,
wena o Modimo
ya thabelang ho hauhela. - Letsatsi le le leng
le hlolwang mabaleng a hao,
le molemo ho feta a sekete
a hlolwang hosele.
Ke rata ho ba monyako
wa ntlo ya Modimo wa ka,
ho ena le ho phela
metlotlwaneng ya ba kgopo. - Sejosenyane sa ya lokileng
se molemo
ho ena le kgora ya ya kgopo;
hobane matla a ya kgopo
a tla fediswa,
athe Morena o tshehetsa ya lokileng. - Empa ha a hana ho ba mamela, bolella kereke; haeba a hana ho mamela le yona kereke, mo tadime e le mohedene le molekgetho.
- Motho ya kgopo
o amohela moputso wa bolotsana,
ya jalang ho loka
o kotula moputso wa nnete. - Le utlwile hore ho ile ha thwe: ‘O se ke wa feba.’ Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya tadimang mosadi ka ho mo lakatsa o se a mo febile pelong ya hae.
- Ho thata hore motho a shwele ya lokileng; mohlomong motho a ka beta pelo ho shwela ya molemo, empa Modimo o bontshitse lerato la hae ho rona, ka hore Kreste a re shwele ha re ne re sa le baetsadibe.
- Haeba leihlo la hao le letona le o dihela sebeng, le honye, o le lahle, hobane ho molemo ho wena ha ho ka timela setho se le seng sa hao, ho ena le hore mmele wohle wa hao o lahlelwe diheleng.
- Ke ka yena, ka madi a hae, re lopolotsweng, ra tshwarelwa dibe, ka baka la boholo ba mohau wa hae.
- O tla boela o re utlwela bohloko,
makgopo a rona o a hatakella fatshe,
dibe tsa rona
o di lahlela botebong ba lewatle. - Jwale o diehelang? Ema, o kolobetswe, o hlatsuwe dibe tsa hao ka ho rapela lebitso la hae.
- Diphiri di senolwa ke yena,
tse mafifing le tsona o a di tseba,
leaho la lesedi le fumanwa ho yena. - Ba bangata ba tla hlwekiswa, ba ntlafatswe, ba lekwe. Ba kgopo bona ba tla nne ba etse bokgopo. Ha ho le ya mong wa ba kgopo ya tla utlwisisa, empa ba bohlale bona ba tla utlwisisa.
- Ako re thuse, Modimo,
wena mopholosi wa rona,
bitso la hao le tle le tlotliswe;
ako re namolele,
mme o re tshwarele dibe
ka baka la lebitso la hao. - Sefahleho sa Morena se sosobane,
se sosobanetse ba etsang bobe,
hore a ba hlakole lefatsheng,
ba se hlole ba hopolwa. - Modimo o hlahisitse mohlanka wa hae, a mo roma ho lona pele, ho hlohonolofatsa e mong le e mong wa lona, ha a sokoloha bobeng ba hae.
- Bohle ba sitilweng ba sa tsebe Molao wa Moshe, ba tla timela ba ntse ba sa tsebe Molao oo, empa bohle ba sitilweng ba ntse ba tseba Molao wa Moshe, ba tla ahlolwa ka Molao oo.
- Jwale re tla reng? Na Molao ke sebe? Le kgale! Leha ho le jwalo, nka be ke sa tsebe sebe hoja e se be ka Molao; le takatso nka be ke sa e tsebe, ha Molao o ne o sa re: “O se ke wa lakatsa.”
- Pele ho tsohle, ke le neile seo nna ke se amohetseng, e leng hore Kreste o shwele ka baka la dibe tsa rona, ho ya kamoo Mangolo a bolelang kateng, le hore o ile a patwa, a ba a tsoha bafung ka tsatsi la boraro.
- Ha le ema ho etsa thapelo, eba le na le disuwa le motho, le mo tshwarele, e le hore Ntata lona ya mahodimong le yena a tle a le tshwarele diphoso tsa lona.
- Moprista wa rona e Moholo hase ya ka sitwang ho re utlwela bohloko mefokolong ya rona, hobane ke ya ileng a lekwa ka ditsela tsohle jwaloka rona, empa a se ke a etsa sebe.
- Ke yena ya ikentseng nyehelo ka baka la dibe tsa rona; e seng tsa rona feela, empa le tsa lefatshe lohle.
- Ka baka la hobane ba kgopo ba dieha ho ahlolwa, batho ba ikemiseditse ho etsa bobe ka sebete.
Dihlogotaba tša go tswalana
Tshwarelo
Ya lalang diphoso ka...
Boloki
Ya thahasellang ho loka...
Molao
Mantswe ana ao ke...
Tshokologo
Haeba setjhaba sa ka...
Kgaugelo
Ka baka leo, a...
Tlhwekišo
Ha ho le jwalo...
Temana ya Bibele ya lehono
Ya nang le ditaelo tsa ka, mme a di boloka, ke yena ya nthatang; ya nthatang o tla ratwa ke Ntate, le nna ke tla mo rata, mme ke tla iponahatsa ho yena.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileAndroidWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Wena Ya Hodimodimo,mohla ke tshohileng,
ke tla tshepa wena.Temana ya go latela!
