DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Lethabo (2/2)

  • E, borapedi ke leruo le leholo ho ya kgotsofaletseng seo a nang le sona.
  • Mohla tsatsi la thabo
    nyakalla le wena,
    mohla tsatsi la mahlonoko
    ako hopole sena:
    Matsatsi ana, bobedi,
    a entswe ke Modimo;
    kahoo tsa kamoso
    motho a ke ke a di tseba.
  • Ke a tseba hore ha ho letho le molemo ho motho, haese feela ho ithabisa le ho etsa tse ntle ha a sa ntsane a phela. Ha motho ka mong a eja, a enwa, a fumane tse molemo ka mesebetsi ya hae, hoo ke mpho ya Modimo.
  • Ke thabela
    ho latela ditemoso tsa hao,
    ho feta maruo wohle.
  • Laela barui ba tsa lefatshe lena hore ba se ke ba ikgohomosa, ba tshepa maruo a felang, ba mpe ba tshepe Modimo ya re fang tsohle ka bongata hore re di thabele.
  • Re le ba swabileng, empa re thabile; re le ba futsanehileng, empa re ruisa ba bangata; re le ba se nang letho, empa re ruile tsohle.
  • Ntata ya lokileng
    o nyakalla haholo;
    ya nang le mora ya bohlale
    o itumela ka yena.
  • Nehemia a re ho sona: “Itsamaeleng, le yo ja dijo tse monate, le nwe tse maphodi, mme le abele ba hlokang, hobane letsatsi lena ke le halalelang ho Morena wa rona. Le se ke la swaba, hobane thabo ya Morena ke yona e tla le matlafatsa.”
  • Ho feta mona, re motlotlo le hara matshwenyeho, ka ho tseba hore matshwenyeho a hlahisa mamello, mamello ke bopaki ba hore re amohelehile, ho amoheleha hoo ho hlahisa tshepo.
  • Eya, o itjelle dijo ka thabo,
    o inwelle veine o nyakaletse,
    hoba Modimo o sa kgahlisitswe
    ke ketso tsa hao.
  • Lengeloi la re ho bona: “Se tshabeng. Bonang, ke le bolella molaetsa o molemo wa thabo e kgolo, eo e tla ba ya batho bohle.”
  • Yare a sa bua, leru le kganyang la ba kgurumetsa, lentswe la tswa lerung, la re: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang; mo mameleng.”
  • Melao ya Morena e lokile,
    e hlatswa pelo;
    taelo ya Morena e hlakile,
    e edisa mahlo.
  • Mora ka, haeba o le bohlale,
    le nna ke tla thaba.
  • Leha ho le jwalo le se ke la thabela hobane meya e ditshila e ikokobeletsa lona, empa le thabele hobane mabitso a lona a ngotswe mahodimong.
  • Ha e le lona ba hlomphang lebitso la ka, letsatsi la ho loka le tla le tjhabela ka mahlasedi a lona a fodisang. Lona le tla tswa, le thale jwaloka manamane a buletsweng ka sakeng.
  • Pelong tsa ba rerang bobe
    ho tletse thetso,
    empa tsa ba rerang kgotso
    tsona di tletse thabo.
  • Hopola Mmopi wa hao
    o sa le motjha,
    matsatsi a ditsietsi a eso ka a fihla,
    ho eso tle dilemo
    tseo ka tsona o tla re:
    “Ha ke sa thabiswa
    ke letho ho tsona!”
  • Ke a le bolella hore ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, thabo e jwalo e tla ba teng lehodimong, e fetang e bang teng ka baka la ba lokileng ba mashome a robong a metso e robong ba sa hlokeng pako.
  • Letshepa la ba lokileng
    le hlahisa thabo,
    athe la ba kgopo lona le a nyamela.
  • Ke a le bolella hore, ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, thabo e jwalo e teng hara mangeloi a Modimo.
  • Hape ke mpho ya Modimo ho motho ka mong eo Modimo a mo fileng leruo le matlotlo le matla hore a ithabise ka wona, mme o lokela ho amohela kabelo eo ya hae, a ithabise ka tsa mosebetsi wa matsoho a hae.
  • Fate tsa morara di se di omeletse,
    fate tsa feiye tsona di ponne,
    fate tsa kgarenate,
    tsa palema le tsa diapole:
    Difate tsohle tsa naha di omeletse.
    Ruri batho ba feletswe ke monyaka.
  • Ngwana ya bohlale
    o thabisa ntatae,
    ngwana ya sethoto
    ke masisapelo ho mmae.

Temana ya Bibele ya lehono

Tloong,
a re itiheleng maotong a hae,
re itihele ka hlompho,
re weng ka mangwele
kapele ho Morena,
Morena, Mmopi wa rona.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Ho lehlohonolo motho
ya itshepetseng Morena,
eo tshepo ya hae
e leng yena Morena.
O tla tshwana le sefate
se lemilweng pela metsi,
seo metso ya sona
e namelang pela molatswana.
Ha se ke se tshoswa
ke ho fihla ha lebatama,
mahlaku a sona
a matalana kamehla,
ka nako ya komello
ha se ke se tshwenyeha,
kamehla se beha
ditholwana tsa sona.
Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela