DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Ditumo (2/2)

  • Ba laolwang ke botho ba sitwa ho kgahlisa Modimo.
  • Motho ya hlolwang
    ho bipa kgalefo ya hae
    o tshwana le motse
    o marako a heleditsweng.
  • Ha le bona ditjellane tsena le tla hopola melao yohle ya Morena, mme le e phethe. Le se ke la phetha ditakatso tsa dipelo tsa lona le tsa mahlo a lona, e leng tse etsang hore le se ke la tshepahala.
  • Empa le apare tsa Morena Jesu Kreste, mme le kgaotse ho kgotsofatsa ditakatso tsa botho.
  • Ka hlokomela hore boikitlaetso bohle le katleho yohle, di tswalwa ke ho honohelana ha batho. Hona le hona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisa moya feela.
  • Le utlwile hore ho ile ha thwe: ‘O se ke wa feba.’ Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya tadimang mosadi ka ho mo lakatsa o se a mo febile pelong ya hae.
  • Ha leruo le ata,
    bafepuwa ba a ata;
    ebe le thusa monga lona ka eng,
    haese ho nna a le boha kamehla?
  • Haeba leihlo la hao le letona le o dihela sebeng, le honye, o le lahle, hobane ho molemo ho wena ha ho ka timela setho se le seng sa hao, ho ena le hore mmele wohle wa hao o lahlelwe diheleng.
  • O se ke wa bolaya; o se ke wa feba; o se ke wa utswa; o se ke wa etseletsa motho e mong; hlompha ntatao le mmao, mme o rate wa heno jwalokaha o ithata.
  • Le tswa ho ntata lona, Diabolosi, mme le rata ho phetha ditakatso tsa ntata lona. Yena e bile mmolai ho tloha tshimolohong, mme ha a a ka a ema nneteng, hobane ha ho nnete ka ho yena. Ha a bua leshano, o bua tseo e leng tsa hae, kahobane o leshano, ke raleshano.
  • Thato ya Modimo ke hore le halalele, le pheme bohlola, e mong le e mong wa lona a ithute ho inkela mosadi eo a tla phela le yena ka mokgwa o halalelang, o hlomphehang. A se ke a nkuwa ke ditakatso tsa bokgopo, jwaloka bahedene ba sa tsebeng Modimo.
  • Bona ba fetotse nnete ya Modimo leshano, ba kgumamela sebopuwa, ba se sebeletsa ho ena le Mmopi ya bokwang kamehla yohle! A ho be jwalo! Ka baka leo, Modimo o ba tloheletse ho phetha ditakatso tse matla, tse hlabisang dihlong. Le basadi ba bona ba sebedisa bosadi ba bona ka mokgwa o hananang le tlholeho. Ka mokgwa o jwalo, le banna ba tlohetse ho kopanela dikobo le basadi ka mokgwa o dumellanang le tlholeho, empa ba lakatsana ka bobona; ba etsa tse hlabisang dihlong le banna ba bang, mme ba fumana kotlo e tshwanelang ho kgeloha hoo ha bona. Kaha ba ne ba sa bone ho hlokeha hore ba amohele Modimo eo ba mo tsebileng, Modimo o ba tloheletse ba ntse ba tsherehane dikelello, e le hore ba etse tse sa tshwanelehang.
  • Phema ditakatso tsa botjha, o habe ho loka, tumelo, lerato le kgotso, mmoho le bohle ba rapelang Morena ka dipelo tse hlwekileng.

Temana ya Bibele ya lehono

Jesu a re: “Lesang bana ba tle ho nna. Le se ke la ba thibela ho tla ho nna, hobane Mmuso wa mahodimo ke wa ba jwaloka bona.”

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Jwale Modimo ya re fang tshepo a ke a le tlatse ka thabo yohle le ka kgotso ka baka la ho dumelo ho yena, hore le tle le atelwe ke tshepo ka matla a Moya o Halalelang.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela