- Kgalemelo e nngwe le e nngwe ha e etswa ha e thabise, e bohloko, empa hamorao bao e ba thapisitseng, e ba tlisetsa ditholwana tsa kgotso, tsa ho loka.
- Ha ho ka etsahala, bolokang kgotso le batho bohle, ho ya kamoo le ka kgonang kateng.
- Jwale, bana beso, ke qetela ka ho re: Thabang, phethahalang, kgothalang, ebang le maikutlo a le mang, le phele ka kgotso, mme Modimo wa lerato, le wa kgotso, o tla ba le lona.
- Jwale, erekaha re lokafaditswe ka tumelo, re na le kgotso le Modimo ka Morena wa rona Jesu Kreste.
- “Leha dithaba di ka sisinngwa
 le maralla a suthiswa,
 lerato la ka le matla ho wena
 le ke ke la sisinyeha,
 kapa selekane sa ka sa kgotso
 sa fediswa,”
 ho rialo Morena, yena ya o utlwelang bohloko.
- Pelong tsa ba rerang bobe
 ho tletse thetso,
 empa tsa ba rerang kgotso
 tsona di tletse thabo.
- Mohau le kgotso ya Modimo Ntata rona le ya Morena Jesu Kreste di ke di be le lona.
- Mora wa ka,
 se lebale thuto ya ka,
 pelong ya hao
 melao ya ka o e boloke,
 o tlo lelefaletswe matsatsi a hao,
 lemo tsa kgotso di tle di o atele.
- Le se ke la hloma eka ke tlisitse kgotso lefatsheng; ha ke a tlisa kgotso, ke tlisitse sabole.
- Jesu a re ho bona hape: “Kgotso e be le lona; jwalokaha Ntate a nthomile, le nna ke a le roma.”
- Tlotla e be ho Modimo
 mahodimong a hodimodimo,
 kgotso e be lefatsheng
 ho batho ba mo kgahlang!
- Modimo ya re fang kgotso, ya tsositseng Morena wa rona Jesu bafung, yena Jesu ya ileng a etswa modisa e moholo wa dinku ka madi a selekane se sa feleng, a ke a le fe tsohle tse molemo, tseo le di hlokang ho phetha thato ya hae. Tse mo kgahlisang a ke a di bope ka dipelong tsa rona, ka Jesu Kreste, ya lokelwang ke tlotla kamehla le mehla. A ho be jwalo!
- Modimo ya re fang kgotso o tla etsa hore le ripitle Satane kapelepele.
 Mohau wa Morena wa rona Jesu o ke o be le lona.
- Kereke ya eba le kgotso Judea yohle, le Galelea, le Samaria; ya bopeha, ya phela ka ho tshaba Morena, mme ya anafala ka kgothatso ya Moya o Halalelang.
- Phema ditakatso tsa botjha, o habe ho loka, tumelo, lerato le kgotso, mmoho le bohle ba rapelang Morena ka dipelo tse hlwekileng.
- Kahoo ebang malalaalaotswe, nnete e be leqhama la lona, ho loka ho sireletse difuba tsa lona, mafolofolo a ho bolela molaetsa o molemo wa kgotso, e be meqathatso ya lona. Haholoholo tshwarang thebe ya tumelo eo ka yona le ka tsebang ho tima malakabe a metsu yohle e tukang ya E Mobe.
Dihlogotaba tša go tswalana
Tšhegofatšo
Morena a le hlohonolofatse...
Bophelo
Morena o tla o...
Lerato
Lerato le na le...
Boloki
Ya thahasellang ho loka...
Jesu
Jesu a ba tadima...
Mpe
O se ke wa...
Temana ya Bibele ya lehono
Bo kahodimo ho tsohle,iphumanele bona,
ka tsohle tseo o nang le tsona,
o bo reke, o iphumanele kutlwisiso.
Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Eba le lerato, o be le botshepehi,molaleng wa hao o itlame ka tsona;
o di ngole tlapeng la pelo ya hao.
O tla ratwa ke Modimo le batho,
o iketsetse lebitso mahlong a bona.Temana ya go latela!
