- Ha motho a ena le maruo a lefatshe lena, mme a bona ngwanabo a hloka, empa a mo thatafaletsa pelo ya hae, lerato la Modimo le ka ba teng jwang pelong ya hae?
- Ha ho motho ya ka sebeletsang marena a mabedi, hobane o tla hloya e mong, a rate e mong; kapa o tla kgomarela e mong, a nyedise e mong. Le ke ke la sebeletsa Modimo le Leruo.
- Re le ba swabileng, empa re thabile; re le ba futsanehileng, empa re ruisa ba bangata; re le ba se nang letho, empa re ruile tsohle.
- Ka pelong ya ka nna ke re:
“Morena ke yena kabelo ya ka,
kahoo ke itshepetse yena feela.” - Ha leruo le ata,
bafepuwa ba a ata;
ebe le thusa monga lona ka eng,
haese ho nna a le boha kamehla? - Ka hlokomela hore boikitlaetso bohle le katleho yohle, di tswalwa ke ho honohelana ha batho. Hona le hona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisa moya feela.
- A araba, a re: “Ya nang le diaparo tse pedi a fe ya se nang letho, le ya nang le dijo a etse jwalo.”
- Bophelo ba motho
bo ka lopollwa ka maruo a hae,
mofumanehi yena
ha a ke a sokelwa ke motho. - Ka ba fepa, ba eja, ba ba ba kgora;
yare ha ba kgotshe
ba qala ho ikgohomosa,
kahoo yaba ba se ba ntebala. - O se ke wa lakatsa hore ntlo ya motho e mong e be ya hao. O se ke wa lakatsa mosadi wa hae, kapa mohlanka wa hae, kapa lekgabunyane la hae, kapa pholo ya hae, kapa tonki ya hae, kapa ntho e nngwe le e nngwe eo e leng ya motho e mong.
Dihlogotaba tša go tswalana
Tšhelete
Bophelo ba lona bo...
Megabaru
Ya ratang tjhelete ha...
Ditumo
Jwale ke re: Tsamaiswang...
Bohloki
Jesu a araba, a...
Dijo
O ile a tima...
Kgotsofalo
Ke tseba hore na...